Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 20:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Haele hobane bafu ba tla tsoha, Moshe le yena o ho bonahaditse, mohla a leng pela sehlahla, ha a bitsa Morena, Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaaka, le Modimo wa Jakobo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

37 Ha e le hore bafu ba tla tsoha, le Moshe o ne a ngole ditabeng tsa sehlahla se meutlwa, moo a reng: ‘Morena ke Modimo wa Aborahama, Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo.’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

37 Jwale, taba ya hore bafu ba a tsoha, le Moshe o e boletse ha a le sehlahla, ha a bitsa Morena, Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

37 Jwale, taba ya hore bafu ba a tsoha, le Moshe o e boletse ha a le sehlahla, ha a bitsa Morena, Modimo wa Abrahama, le Modimo wa Isaka, le Modimo wa Jakobo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 20:37
10 Referencias Cruzadas  

Ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, le ditloholo tsa hao tse o hlahlamang ka meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng, ke be Modimo wa hao le wa leloko la hao le o hlahlamang.


A bona le Jehova a eme hodima yona, a re: Ke nna Jehova, Modimo wa Abrahama, ntatao, le Modimo wa Isaaka. Naha eo o robetseng ho yona, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao.


ka ba ka kgutlela ka kgotso tlung ya ntate, Jehova e tla ba Modimo wa ka;


Jakobo a re: Modimo wa ntate Abrahama, Modimo wa ntate Isaaka, Jehova ya itseng ho nna: Boela fatsheng la heno, le ho baheno, mme ke tla o etsa hantle!


Modimo wa eketsa wa re ho Moshe: O tle o re ho bana ba Iseraele: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, Modimo wa Isaaka, Modimo wa Jakobo, o nthomile ho lona. Ke lona lebitso la ka ka ho sa feleng, mme ke yona kgopotso ya ka melokong le melokong.


le ka tse molemo tsa lefatshe, le ka ho tlala ha lona; mme mohau wa ya hlahileng sehlahleng o tle o dule hloohong ya Josefa, hloohong ya eo e leng morena hara banababo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos