Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 16:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 hobane ke na le banabeso ba bahlano; a ke a ba kgodise, hore ba tle ba se ke ba tla le bona nqalong ena e bohloko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 hobane ke na le bana beso ba bahlano, a tle a ba laye, esere le bona ba tla sebakeng sena sa tlhokofatso.’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Hobane ke na le bana beso ba bahlano; a tle a ba pake, esere le bona ba tla nqalong ena ya tlhokofatso.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Hobane ke na le bana beso ba bahlano; a tle a ba pake, esere le bona ba tla nqalong ena ya tlhokofatso.

Ver Capítulo Copiar




Luka 16:28
16 Referencias Cruzadas  

Yaba o re: Ntate, ha ho le jwalo, ke a o rapela, o mo romele tlung ya ntate;


O re laetse ho bolella setjhaba, le ho paka hore ke yena ya beilweng ke Modimo ho ahlola ba phelang le ba shweleng.


Eitse ha Silase le Timothea ba fihla ba etswa Masedonia, Pauluse a ineela ho ruta ka pelo ya hae yohle, a pakela Bajuda hore Jesu ke Kreste.


A tiisa ka ditaba tse ding tse ngata, a ba kgothatsa, a re: Ipolokeng mofuteng ona o kgopo.


ke ntse ke kgothaletsa Bajuda le Bagerike ho sokolohela ho Modimo, le ho dumela ho Jesu Kreste, Morena wa rona.


haese hobane, motseng o mong le o mong, Moya o Halalelang o ntse o nkomela hore ditlamo le dihloriso di ntebeletse.


Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.


Bosiung bo hlahlamang, Morena a ipontsha ho yena, a re: Tiisa matla, Pauluse, hobane jwalokaha o pakile taba tsa ka Jerusalema, e ka kgona o di pake jwalo le Roma.


Empa ka hobane ke bone thuso ho Modimo, ke tiiseditse ho fihlela la kajeno ho bolella ba banyenyane le ba baholo, mme ha ke a ka ka bolela ditaba tse ding, haese tseo Moshe le baporofeta ba itseng, di tla hlaha;


Eitse hobane ba mmeele letsatsi, ba tla ho yena ba le bangata moo a dutseng teng, mme a ba bolella, a paka tsa mmuso wa Modimo ho bona, a leka ho ba kgodisa bakeng sa Jesu, a isa ka molao wa Moshe le baporofeta, a qala hosasa ho fihlela mantsiboya.


Baapostola, eitse hobane ba pake lentswe la Morena, ba kgutlela Jerusalema, ba ntse ba bolela Evangeli metsaneng e mengata ya Samaria.


Mme ke boela ke omela ho motho e mong le e mong ya ka bollang, hore o tshwanetse ho etsa ka molao kaofela ha wona.


Jwale, seo ke se bolelang, seo ke se tiisang Moreneng, ke re: Le se hlole le phela jwaloka baditjhaba ba bang, ba yang ka bosawana ba dikelello tsa bona;


Mme le a tseba hoba re kgothaditse, ra ba ra tshedisa e mong le e mong ho lona, jwaloka ntata motho ha a etsa bana ba hae.


Hape, motho a se ke a hata ngwanabo, leha e le ho mo senyetsa tabeng leha e le nngwe; hobane Morena ke mophethetsi wa ntho tsohle tse jwalo, jwalokaha re se re kile ra le bolella pele ka komelo e tiileng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos