Le tla hlola le dutse motshehare le bosiu ka matsatsi a supileng, monyako wa tente ya pokano, mme le tla etsa seo Jehova a le laetseng sona, hore le se etse, hore le se tlo shwa; hobane ke laetswe jwalo.
A mo rwesa moqhwele hloohong, mme moqhweleng, kapele ho wona, a hloma diadema ya kgauta, e leng lebenyane le kgethehileng, jwalokaha Jehova a ne a laetse Moshe.
Le ke ke la eketsa ka letho hodima lentswe leo ke le laelang lona, hape, le ke ke la le fokotsa, le tla mpe le boloke ditaelo tsa Jehova, Modimo wa lona, tseo ke le laelang tsona.
Yaba Samuele o re: Hleka Jehova o kgahlwa ke ditjheso le ke mahlabelo, jwalokaha a kgahlwa ha ho utluwa lentswe la Jehova na? Bona kutlo e fetisa sehlabelo, mme mamelo e fetisa mafura a dipheleu.