Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Ka matsatsi a supileng, le ke ke la tloha monyako wa tente ya pokano, ho fihlela matsatsi a peo ya lona a ba a phetheha; hobane matsatsi a peo ya lona a supile.
Hobane o itse: Ke o utlwile nakong e tshwanelang, mme ke o thusitse ka letsatsi la pholoho. Bonang, jwale ke nako e tshwanelang; bonang, jwale ke letsatsi la pholoho.