Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 7:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Ke wona oo molao wa setjheso, le wa nyehelo, le wa sehlabelo sa sebe, le wa sehlabelo sa molato, le wa peo ya boprista, le wa sehlabelo sa teboho,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

37 Ona ke molao wa setjheso sa nyehelo ya dijo, le sa nyehelo e tlosang sebe, le sa nyehelo ya melato, le sa nyehelo ya kgalaletso, le sa sehlabelo sa nyehelo ya teboho.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 7:37
11 Referencias Cruzadas  

Ha o ba kgetha, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka, o tla etsa ka mokgwa ona:


O tla nka mafura a pheleu, le mohatla, le mafura a apesang mala, le maapara a hodima sebete, le diphio tse pedi, le mafura a tsona, le letsoho le letona (hobane ke pheleu ya peo),


Jehova a bitsa Moshe, a bua le yena a le tenteng ya pokano, a re:


Empa ha a ka sitwa ho ntsha nku kapa podi ka baka la ho fumaneha, o tla hlahisetsa Jehova, ho etsa sehlabelo sa molato ka baka la sebe seo a se entseng, maebakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.


Nyehelo ya Aarone le bara ba hae eo ba tlang ho e hlahisetsa Jehova ka letsatsi leo ba tla tlotswa ka lona, ke yona ena: Karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo e be nyehelo ya bona ya kamehla, eo halofo ya yona e tla hlahiswa hosasa, mme halofo e nngwe mantsiboya.


A atametsa pheleu ya bobedi, pheleu ya peo; Aarone le bara ba hae ba bea matsoho a bona hloohong ya pheleu eo.


Moshe a e hlaba, a nka madi a yona, mme a tlotsa ka wona ntlha ya tsebe e tona ya Aarone, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la hae le letona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos