Bara ba Aarone ba tla a tjhesetsa aletareng, hodima setjheso se seng se leng hodima patsi e beilweng mollong, e be sehlabelo se tjhesitsweng ka mollo, se monko o monate ho Jehova.
Bolella bana ba Iseraele, o re: Ya tlang ho hlahisa sehlabelo sa hae sa teboho ho Jehova, o tla tlisa ho Jehova nyehelo ya hae e nkilweng sehlabelong sa hae sa teboho.
Jehova a re ho Aarone: Bona, ho ntho tsohle tse kgethwang ke bana ba Iseraele, ke o fa tseo ke di fuwang ka mokgwa wa kabelo; ke o fa tsona; ke di nea wena le bara ba hao e le ditokelo tsa botlotsuwa, ka molao o sa feleng.
Moprista o tla nka letsoho la pheleu le butswitseng, le senkgwana se seng se se nang ditomoso, le leqebekwane le leng le se nang ditomoso; o tla di bea diatleng tsa monasari, hlooho e kgethehileng ya hae ha e se e beotswe;