Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 6:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Bolella Aarone le bara ba hae, o re: Molao wa sehlabelo sa sebe ke wona ona: Sehlabelo sa sebe se tla hlajwa pela Jehova, nqalong eo setjheso se hlabelwang teng; ke ntho e halalelang haholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 “Ere ho Arone le bara ba hae: ‘Ona ke molao wa nyehelo ya ho tshwarelwa sebe. Moo phoofolo ya sehlabelo sa setjheso e hlabelwang teng, ke hona moo le phoofolo ya nyehelo ya ho tshwarelwa sebe e tla hlabelwa teng, kapele ho Morena. Ena ke nyehelo e halalelang ka ho fetisisa.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 6:25
13 Referencias Cruzadas  

Yaba o re ho nna: Dikamore tse ka nqa leboya, le dikamore tse ka nqa borwa, tse mabapa le sebaka se feela, ke dikamore tse halalelang, moo baprista ba atamelang Jehova ba tla jela dintho tse halalelang teng; ke moo ba tla bea ntho tse halaledisisang, dinyehelo le mahlabelo a sebe, kapa a molato; etswe nqalo eo e le e halalelang.


O tla e hlaba pela Jehova, lehlakoreng la aletare le lebileng nqa leboya; bara ba Aarone, baprista, ba tla tshollela madi a yona aletareng ka nqa tsohle.


Ha sehlabelo sa hae e le setjheso sa kgomo, a hlahise e tona e se nang sekodi, a e hlahise monyako wa tente ya pokano, a tle a amohelwe ke Jehova.


A ntoo hlaba pohwana eo pela Jehova, mme baprista, e leng bara ba Aarone, ba tla hlahisa madi, ba a tshollele kahohle aletareng e monyako wa tente ya pokano.


A ka ja dijo tsa Modimo wa hae, dintho tse kgethehileng haholo le tse halalelang.


E tla bea letsoho la yona hloohong ya podi, mme e tla e hlaba moo ho hlabelwang ditjheso teng, pela Jehova; ke sehlabelo sa sebe.


O tla bea letsoho la hae hloohong ya podi ya sehlabelo sa sebe, mme o tla e hlaba nqalong ya ditjheso.


Se ke ke sa apehwa ka ditomoso. Ke ba neile sona e be kabelo ya bona dinyehelong tsa ka tse tjheswang ka mollo; ke ntho e halalelang haholo, jwaloka sehlabelo sa sebe le sa molato.


Jehova a bua le Moshe, a re:


Ba batona bohle hara baprista ba tla se ja; ke ntho e halalelang haholo.


Kamoo sehlabelo sa sebe se leng kateng, le sehlabelo sa molato se jwalo feela; molao o mong feela ho se seng le se seng sa tsona; sehlabelo e tla ba sa moprista ya tlang ho etsa pheko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos