Yaba o halefela Eleasare le Ithamare, bara ba Aarone ba pholohileng, a re: Ha le a ka la ja keng phooko ya sehlabelo sa sebe nqalong e halalelang? athe ke ntho e halalelang haholo; Jehova o le neile yona, hore le tle le tlose sebe sa phutheho, mme le e etsetse pheko ka yona pela Jehova.
O tla hlaba konyana e tona nqalong eo ho hlabelwang ho yona mahlabelo a sebe le ditjheso, nqalong e kgethehileng, hobane, jwalokaha ntho ya sehlabelo sa sebe e le ya moprista, ho jwalo le ntho ya sehlabelo sa molato; e halalela haholo.
Bolella Aarone le bara ba hae, o re: Molao wa sehlabelo sa sebe ke wona ona: Sehlabelo sa sebe se tla hlajwa pela Jehova, nqalong eo setjheso se hlabelwang teng; ke ntho e halalelang haholo.