Levitike 6:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)19 Jehova a bua le Moshe, a re: Ver CapítuloBIBELE19 Morena a boela a bua ho Moshe, a re: Ver Capítulo |
Yaba o re ho nna: Dikamore tse ka nqa leboya, le dikamore tse ka nqa borwa, tse mabapa le sebaka se feela, ke dikamore tse halalelang, moo baprista ba atamelang Jehova ba tla jela dintho tse halalelang teng; ke moo ba tla bea ntho tse halaledisisang, dinyehelo le mahlabelo a sebe, kapa a molato; etswe nqalo eo e le e halalelang.
Tse tlang ho ba tsa hao ho dintho tse kgethehileng haholo, kantle ho tse tlang ho tjheswa ka mollo, ke tsena: dikabelo tsohle tsa bona, le dinyehelo tsohle tsa bona, le mahlabelo wohle a sebe le a melato ao ba tla ntlhahisetsa wona; dintho tseo tse kgethehileng haholo e tla ba tsa hao, le tsa bara ba hao.