Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 27:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 tshimo eo ha e lokollwa ka Jubile e tla kgethelwa Jehova jwaloka tshimo e seng e tetswe; e tla ruwa ke moprista, e be ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ka selemo sa mokete wa tokoloho, tshimo eo e tla lopollwa e se e halalela ho Morena, e le tshimo e abilweng, mme e tla ba ya moprista, e be lefa la hae.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 27:21
11 Referencias Cruzadas  

le hore mang le mang ea sa tleng ka tshiu tse tharo, ka morero wa dihlooho le baholo ntho tsohle tsa hae di tle di jewe, yena a tle a kgaolwe phuthehong ya ba kgutlileng kgolehong.


Nyehelo, sehlabelo sa sebe, le sehlabelo sa molato, ba tla di ja, mme ntho tsohle tse entsweng anathema Iseraeleng e tla ba tsa bona.


Le tla halaletsa jwalo selemo sa mashome a mahlano, mme le tla tumisa tokoloho naheng ya lona ho baahi ba yona kaofela; e tla ba Jubile ho lona. E mong le e mong wa lona o tla kgutlela lefeng la hae, e mong le e mong a kgutlele mofuteng wa hae.


Empa ha a sitwa ho phetha seo a ka se busetsang ho yena, seo a se rekisitseng se tla dula matsohong a ya se rekileng, ho isa selemong sa Jubile, e be hona eo a tswang, le yane a kgutlelang lefeng la hae.


Empa matlo a metse e sa dikwang ka marako, a tla tadingwa jwaloka masimo; a ka rekollwa, mme ba a rekileng ba tla tswa ho wona ka Jubile.


empa ha a sa rekolle tshimo ya hae, kapa e le tshimo eo a e rekisitseng ho e mong, ha e sa tla lopollwa;


Ekare ha e mong a kgethela Jehova tshimo eo a itheketseng yona, e se tshimo ya masimo a lefa la hae,


Tsohle tse entsweng anathema Iseraeleng e tla ba tsa hao.


Ho ke ke ha eba letho la tse neetsweng anathema le kgomarelang matsoho a hao, hore Jehova a kgutle pefong ya bohale ba hae, mme a o hauhele, a o rekolohele, mme a o atise jwalokaha a anetse bontatao,


Motse o tla etswa anathema ho Jehova, ka ntho tsohle tse ho wona; ke Rahaba wa sehlola feela ya tla phela, yena le bohle ba nang le yena ka tlung ya hae, hobane o patile manqosa a romilweng ke rona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos