Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 27:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ekare ha motho a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka bohlano hodima theko e lekantsweng ke wena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Empa haeba ya entseng kano a rata ho lefa tjhelete ya topollo ya phoofolo eo, o tla e eketsa ka karolo e le nngwe ho tse hlano tsa tjhelete e hakantsweng.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 27:13
9 Referencias Cruzadas  

Ekare ha motho a eja dintho tse kgethehileng ka ho se tsebe, o tla busetsa ho moprista theko ya ntho eo e kgethehileng, mme o tla e ekeletsa ka bohlano ba yona.


E se ke ya ananngwa; ho se ke ha bewa e mpe sebakeng sa e ntle, leha e le e ntle sebakeng sa e mpe; ekare ha ho ananngwa kgomo e nngwe ka e nngwe, e tla ba tse kgethehileng tse pedi.


moprista o tla e lekanyetsa ka botle, kapa ka bobe ba yona; ho tla uwa ka theko e lekantsweng ke wena, moprista.


Ekare ha e le ntlo e kgethelwang Jehova, moprista o tla e lekanyetsa kamoo e leng kateng, ka botle, kapa ka bobe ba yona, mme ho tla uwa ka tekanyetso ya moprista.


Ekare ha ya kgethetseng ntlo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka bohlano ba tjhelete eo o e lekanyeditseng ka yona, mme ntlo e tla ba ya hae.


Ekare ha ya kgethetseng tshimo ya hae a rata ho e lopolla, o tla eketsa ka bohlano ba tjhelete e lekanyeditsweng ke wena, mme tshimo e tla kgutlela ho yena;


Empa haele phoofolo e sa hlwekang, e tla lopollwa ka theko eo o tlang ho e lekanyetsa ka yona, ka ho eketsa ka bohlano ba yona; ha e sa ka ya lopollwa, ho tla rekwa ka yona ka tekanyetso ya hao.


O tla busa jwalo theko ya ntho eo a e fothileng ho tse halalelang, mme o tla e ekeletsa ka bohlano ba yona. O tla e nea moprista; moprista o tla mo etsetsa pheko ka pheleu e ntshitsweng, e be sehlabelo sa molato, mme o tla tshwarelwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos