Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 26:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Ke tla senya metse ya lona, ke e etse dithako; ke tla sohlokanya dihalalelo tsa lona, mme ha ke sa tla hlola ke fofonela dibano tsa lona tse monko o monate.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 Ke tla fetola metse ya lona masupi, ke falatse dibaka tsa lona tsa borapedi, ke se ke ka amohela monko o monate wa ditjheso tsa lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 26:31
45 Referencias Cruzadas  

Jehova a fofonela monko o monate, mme Jehova a re ka pelong ya hae: Nke ke ka boela ka rohaka lefatshe ka baka la batho, etswe mehopolo ya motho e le mebe le botjheng ba hae, mme nke ke ka boela ka otla dintho tsohle tse utlwang, jwalokaha ke tswa etsa.


kahobane pelo ya hao e swabile, wa ba wa ikokobetsa pela Jehova, mohla o utlwang seo ke se boletseng bakeng sa motse ona le bakeng sa ba ahileng teng, ka re, o tla fetoha lesupi le thohako, wa ba wa hahola diaparo tsa hao, wa lla pela ka, le nna ke utlwile, ho itsalo Jehova.


Ba tjhesa ntlo ya Modimo, ba heletsa lerako la Jerusalema; ba tjhesa le matlo wohle a teng a moreneng, ba timetsa ntho tsohle tsa teng tsa bohlokwa.


ba re ho nna: Masala a setseng a kgoleho, a ahileng naheng yane, a mahlomoleng a maholo le sekgobong; lerako la Jerusalema le ntse le le dikgeo, le mamati a teng a dutse a tjhele ke mollo.


Yaba ke re ho bona: Le bona tsietsi eo re leng ho yona, kamoo Jerusalema a senyehileng kateng, le kamoo mamati a teng a dutseng a tjhele kateng. Tloong, ha re tsoseng lerako la Jerusalema, re tle re se hlole sekgobong.


Ka re ho morena: Morena a ne a phele ka ho sa feleng! Na nka tlohela ho sosobana sefahleho jwang, haele mona motse wa mabitla a bontate o senyehile, mme mamati a wona a dutse a tjhele?


Lefatshe la lona ke nahathothe, metse ya lona e tjhesitswe ka mollo, baditjhaba ba jesa masimo a lona mahlong a lona; tshenyo eo e jwaloka ya naha e sentsweng ke dira.


Yaba ke re: Ho fihlela neng, Morena? A re: Ho fihlela metse e heleha, e hloka baahi, le matlo a hloka batho, le naha e senyeha, e eba lesupi;


Setjhaba se halalelang sa hao se kile sa rua naha ho se hokaenyana; dira tsa rona di hataketse sehalalelo sa hao.


Oho Jehova, o se ke wa halefa ka ho fetisisa, o se ke wa boloka kgopolo ya makgopo a rona ka ho sa feleng! Oho bona, o tadime hle; kaofela re setjhaba sa hao.


Ya hlabang kgomo, ho nna ho jwaloka ya bolayang motho; ya etsang sehlabelo ka nku, o jwaloka ya fenethileng ntja; ya hlahisang setjheso, o jwaloka ya hlahisang madi a kolobe; ya tjhesang dibano, o jwaloka ya bokang medimo ya bohata. Erekaha ba ikgethetse ditsela tsa bona, mme meya ya bona e ithatetse manyala a bona,


Empa ha le sa mamele mantswe ana, ke hlapanya ka nna, ho bolela Jehova, hobane ntlo ena e tla be e etswe lesupi.


ke tla etsa ntlo ena jwaloka Silo, le motse wona ke o etse ntho e tla rohakwa ke ditjhaba tsohle tsa lefatshe.


O ntse o porofetelang ka lebitso la Jehova, o re: Ntlo ena e tla ba jwaloka Silo, le motse wona o tla senngwa, o be o hloke moahi? Yaba setjhaba kaofela se bokanela Jeremia ka tlung ya Jehova.


Ke a tadima, mme bonang, Karmele o fetohile nahathothe, metse yohle ya teng e heleditswe pontsheng ya Jehova ke bohale bo tjhesang ba hae.


Hobane ho itswe ke Jehova: Lefatshe lohle le tla fetolwa lefeella, empa nke ke ka le fedisetsa ruri.


Tau e tswile letsabeng la yona, mosenyi wa ditjhaba o futuhile, o tswile nqalong ya hae ho senya lefatshe la hao, metse ya hao e tle e ripitlwe, e be e hloke moahi.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le bone bobe bohle boo ke bo hlahiseditseng Jerusalema le metse kaofela ya Juda; bonang, kajeno e hlile e senyehile, ha ho sa le moahi ho yona;


Bohale ba ka le kgalefo ya ka ya ba ya tsholoha, ya tuka metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, tse fetohileng lesupi le lefeella, jwalokaha ho bonahala kajeno.


A tjhesa ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le matlo wohle a Jerusalema, a tjhesa matlo a maholo kaofela ka mollo.


Ke tla etsa Jerusalema diqubu tsa majwe, letsaba la diphokojwe, le metse ya Juda ke e etse lesupi le hlokang moahi.


O ituletse jwang o nnotshi, motse o neng o tletse batho? Motse o neng o le moholo hara ditjhaba o fetohile jwang ntho eo e kang ke mohlolohadi? Eo e neng e le mofumahadi hara ditjhaba o fetohile jwang ya ruilweng?


Sera se otlolletse letsoho la sona ka nqa ho tsohle tsa hae tsa bohlokwa, hobane o bone ditjhaba ha di kena sehalalelong sa hae, tseo o neng o laetse hore di se ke tsa kena phuthehong ya hao.


O rutlolotse motero wa hae jwaloka ha ho etswa serapa; o fedisitse nqalo ya diphutheho tsa hae; Jehova o lebadisitse Sione mekete le Disabatha, a nyedisa marena le baprista ka kgalefo ya hae e tukang.


Morena o tenehile ke aletare ya hae, sehalalelo sa hae ya eba manyala ho yena; o neetse mabota a matlo a hae a borena matleng a sera. Ba phahamisitse mantswe a bona ka tlung ya Jehova, jwalokaha ho etswa ka tsatsi la mokete.


Metse e hahilweng e tla timeletswa, naha e senngwe, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


Ke hore dipelo di tle di qhibidihe, dikgopiso di tle di be ngata dikgorong tsa metse yohle, ha ke romela kgalemelo ya lerumo. Jo! le etseditswe ho hadima, le leoleditswe ho bolaya.


Etlare ha ba re ho wena: O fehellwang? o tla re: Ke fehellwa ditaba tse tlang; hobane dipelo tsohle di tla qhibidiha, matsoho wohle a fokole; meya yohle e tla akgeha, mangwele wohle a fetohe metsi; bonang, taba di a tla, di se di tlile: ho bolela Morena Jehova.


Ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla silafatsa sehalalelo sa ka, e leng boikgohomoso ba matla a lona, le takatso ya mahlo a lona, le se ratwang ke meya ya lona: bara ba lona le baradi ba lona bao le ba siileng ba tla dihuwa ke lerumo.


Hohle moo le ahileng teng, metse e tla fetoha dithako, nqalo tse diphahameng e be masupi, hore dialetare tsa lona di tle di tlohelwe, di furallwe; ditshwantsho tsa lona di tla robakwa, di timetswe, ditshiya tsa lona tsa letsatsi di rengwe, mesebetsi yohle ya lona e hlakolwe.


bolayang, le be le timeletse maqheku, le bahlankana, le dikgarebe, le bana ba banyenyane, le basadi; ha e le ba nang le letshwao, le se ke la ba ama; hlong le qale ka sehalalelo sa ka. Yaba ba qala ka banna ba baholo ba leng pela tempele.


Yaba morena Nebukadnesare o wa ka sefahleho, a kgumama pela Daniele, mme a laela hore a hlomphuwe ka mahlabelo a teboho le dibano.


Nqalo tse diphahameng tsa Isaaka di tla senngwa, le nqalo tse kgethehileng tsa Iseraele di fediswe, mme ke tla phahamela ntlo ya Jeroboame ka lerumo.


Ka baka leo, ka molato wa lona, Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema a fetohe diqubu tsa majwe, le thaba ya ntlo ya Jehova e fetohe thaba ya meru.


Ke timeditse ditjhaba, marako a tsona a helehile; ke sentse mmila ya tsona; ho bile ho se ho se ya tsamayang teng, metse ya tsona e senyehile, ho bile ho se ho se le motho teng, ha ho sa le ya ka ahang teng.


Ba tla wa ka bohale ba sabole, ba iswe kgolehong ditjhabeng tsohle; mme Jerusalema o tla hatakelwa ke ditjhaba, ho be ho phethwe mehla ya ditjhaba.


hobane re mo utlwile a bolela hore Jesu eo wa Nasaretha o tla fedisa nqalo ena, a fetole le mekgwa eo re e neilweng ke Moshe.


Hobane ekare ha re etsa sebe ka boomo, ha re se re filwe tsebo ya nnete, ha ho sa le sehlabelo se seng sa dibe;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos