Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 25:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O tla letsa terompeta e mantswe a phepa ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi; ka letsatsi la dipheko, le tla letsa diterompeta naheng yohle ya lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya bosupa, o tla letsa lenaka; ka letsatsi la tefelo ya sebe le tla letsa lenaka hara naha yohle ya lona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 25:9
20 Referencias Cruzadas  

Ho lehlohonolo setjhaba se tsebang pitso ya terompeta! Se tsamaya leseding la sefahleho sa hao, Jehova,


se ithabisa kamehla ka lebitso la hao, se ithorisa ka ho loka ha hao.


Mehlang eo, terompeta e kgolo e tla letswa, mme ba tebeletsweng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Assiria, le ba balehetseng naheng ya Egepeta, ba tla tla, ba kgumame pela Jehova thabeng e halalelang, Jerusalema.


Etlare hobane a etsetse sehalalelo le tente ya pokano le aletare pheko, o tla hlahisa phooko e utlwang.


Molao oo e tla ba o sa feleng ho lona, ke wona ona: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi la leshome la kgwedi, le tla hlomola dipelo tsa lona; le tla lesa mesebetsi yohle, kapa e leng ba tswaletsweng ha habo lona, kapa e leng ba jakileng hara lona.


Hobane ka letsatsi leo, le tla etsetswa pheko, le tle le hlatsuwe: le tla hlatsuwa dibe tsa lona tsohle pela Jehova.


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ka kgwedi ya bosupa, ka letsatsi le qalang kgwedi, letsatsi la phomolo le tla ba teng, leo le tla le tsebiswa ka moletso wa diterompeta, mme phutheho e halalelang e tla ba teng.


Ka letsatsi la leshome la kgwedi eo ya bosupa, e tla ba letsatsi la dipheko; le ke le be le phutheho e halalelang ka lona, mme le hlomole meya ya lona, mme le tla hlahisetsa Jehova mahlabelo a tjheswang ka mollo.


O tla bala dilemo tse supileng tsa diSabatha, o bale hasupa dilemo tse supileng, mme matsatsi a Disabatha tseo tse supileng e tla ba dilemo tse mashome a mane a metso e robileng mono o le mong.


Ekare ha a kgethela Jehova tshimo ya hae, ho tloha selemong sa Jubile, ho tla uwa ka tekanyetso ya hao;


Ka selemo sa Jubile, tshimo e tla kgutlela ho eo a neng a itheketse yona ho yena, ho eo naha e leng ya hae.


Matsatsing a lona a ho thaba, mohla mekete ya lona, le thwasong ya dikgwedi tsa lona, le tla letsa diterompeta, le ntse le hlahisa ditjheso tsa lona, le mahlabelo a lona a teboho, mme le tla hopolwa jwalo pela Modimo wa lona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Etlare ha Jubile e hlahela bana ba Iseraele, lefa la bona le tla ekeletswa ho la leloko leo ba nyetsweng ho lona, mme jwale lefa la bona le tla kgaolwa lefeng le leloko la bontata rona.


Empa ke re: Hleka ha ba ka ba e utlwa na! E, ba e utlwile. Tumo ya bona e ile ka lefatsheng lohle, mme dipolelo tsa bona di utlwahetse ho fihlela dipheletsong tsa lefatshe.


ka matla a mehlolo le a meeka, le ka matla a Moya wa Modimo; ke bile ka hasa Evangeli ya Kreste, ho qala ka Jerusalema le mathoko a yona ho ya qetella ka Iliria.


Hobane lentswe la Morena ha le tloha ha heno, le dumaetse, e seng Masedonia le Akaea feela, empa tumelo ya lona ho Modimo e hasane kahohle, ya eba ntho eo re sa tshwanelang ho e bolela.


Baprista ba supileng ba tshware diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba etelle areka pele; ka tsatsi la bosupa, le potolohe motse hasupa, mme baprista ba letse diterompeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos