Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 23:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 le tla se ekeletsa ka dikarolo tse pedi tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, e be nyehelo e tjheswang ka mollo, e monko o monate ho Jehova: tshelo ya veine eo le tla e hlahisa e be ya karolo ya bone ya hine.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Nyehelo ya phofo yona e be boima ba dikilo tse pedi tsa phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole, e be nyehelo ya setjheso sa Morena se monko o monate. Hape ho be le nyehelo ya seno sa veine ya lethara e le nngwe.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 23:13
15 Referencias Cruzadas  

le dishekele tse makgolo a mahlano tsa kasia, ha ho lekanngwa ka shekele ya sehalalelo, le tekanyo ya hine ya ole ya mohlwaare.


Le se ke la tjhesetsa teng dibano disele, kapa setjheso, kapa nyehelo, mme le se ke la etsa ditshelo teng.


Leha e le metsi ao o tla a nwa, o a nwe ka tekanyo ya botshelela ya hine; o tle o a nwe ka nako e itseng le ka nako e itseng.


Nyehelo ya hae, o tla tlisa efa ka poho e nngwe le e nngwe, le efa ka pheleu e nngwe le e nngwe; haele ole, o tla ntsha hine ka efa.


Hape, nyehelo eo o tla e hlahisa hammoho le konyana eo, ka hosasa ho hong le ho hong, e tla ba karolo ya botshelela ya efa; ole yona, o tla nka karolo ya boraro ya hine ya yona ho kolobisa phofo ya nyehelo ka yona. Ke nyehelo ya Jehova; ke taelo le komelo e sa feleng; e nne e be teng.


Lona baprista, itlameng ka masela a mahwashe, le lle; lona bahlanka ba aletare, le bokolle. Tloong, le robale maseleng a mahwashe, lona bahlanka ba Modimo wa ka, hobane ha ho sa le nyehelo le tshelo tlung ya Modimo wa lona.


Nyehelo le tshelo ha di sa tliswa tlung ya Jehova; baprista, bahlanka ba Jehova, ba swabile.


Ho tseba mang? Ekaba o tla kgutla bohaleng ba hae, a le utlwele bohloko, mme mehlaleng ya hae a siye hlohonolofatso, nyehelo le tshelo tse ka isetswang Jehova, Modimo wa lona.


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla tlisa dikonyana tse pedi tse tona, tse se nang sekodi, le nku e lemo se le seng, e se nang sekodi, le dikarolo tse tharo tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, ho di etsa nyehelo, le loge ya ole e be teng.


Ka letsatsi leo ho tsokotswang ngata, le tla hlabela Jehova konyana e tona e lemo se le seng, e se nang sekodi, e be setjheso:


Nyehelo ya Aarone le bara ba hae eo ba tlang ho e hlahisetsa Jehova ka letsatsi leo ba tla tlotswa ka lona, ke yona ena: Karolo ya leshome ya efa ya lefi la phofo e be nyehelo ya bona ya kamehla, eo halofo ya yona e tla hlahiswa hosasa, mme halofo e nngwe mantsiboya.


Ke sona setjheso sa Sabatha, sa Sabatha e nngwe le e nngwe, kantle ho setjheso sa kamehla le tshelo ya sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos