Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 22:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Le se ke la hlompholla lebitso la ka le halalelang, ke tle ke kgethehe hara bana ba Iseraele. Ke nna Jehova ya le halaletsang,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Le se ke la silafatsa lebitso la ka le halalelang; ke halaletswe hara bana ba Iseraele. Ke nna Morena ya le halaletsang,

Ver Capítulo Copiar




Levitike 22:32
16 Referencias Cruzadas  

Mme Jehova wa makgotla o tla ikgodisa ka dikahlolo, Modimo o halalelang o ikgalaletse ka ho loka.


Kgethang lebitso la Jehova wa makgotla feela, e be yena feela le mo tshabang, le mo tshohang.


Moshe a re ho Aarone: Ke seo Jehova a na beng a se boletse, a re: Ke tla halaletswa ka ba emang pela ka, mme ke tla hodiswa mahlong a setjhaba kaofela.


O se ke wa neela ngwana leha a le mong wa bana ba hao hore a abelwe Moloke, o tle o se ke wa nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


Le boloke melao ya ka, le ye ka yona. Ke nna Jehova ya le halaletsang.


A se ke a hlompholla lesika la hae hara setjhaba sa habo; hobane ke nna Jehova ya mo halaletsang.


O tla tadima moprista ka ho re ke motho ya hlalalelang, hobane ke yena ya hlahisang sejo sa Modimo wa hao; ho wena e tla ba motho ya halalelang, hobane le nna ke halalehile, nna Jehova ya le halaletsang.


hobane kahoo ba ka ba jarisa boima ba sebe seo ba ka se etsang, ha ba eja dintho tse kgethehileng; hobane ke nna Jehova ya ba halaletsang.


Bolella Aarone le bara ba hae hore, ba itemohele bakeng sa dintho tse halalelang, tseo ke di kgethelwang ke bana ba Iseraele, mme ba se ke ba hlompholla lebitso la ka le halalelang. Ke nna Jehova.


Le boloke melao ya ka, mme le ye ka yona. Ke nna Jehova.


ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, ke tle ke be Modimo wa lona. Ke nna Jehova.


Jwale lona, rapelang jwalo, le re: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao a le ke le kgethehe;


A re ho bona: Ha le rapela, le no re: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao a le ke le kgethehe; ho tle mmuso wa hao; thato ya hao e etswe lefatsheng jwalokaha e etswa lehodimong;


O ba halaletse ka nnete ya hao; lentswe la hao ke nnete.


ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bileditsweng ho halalela, hammoho le bohle ba rapelang nqalong tsohle lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, e leng Morena wa bona le wa rona;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos