Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 22:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ekare ha motho a hlahisetsa Jehova sehlabelo sa teboho ka ho phetha kano, kapa nyehelo ya ho ithatela, a nke dikgomong kapa dikgutshwaneng, e be ntho e hlokang sekodi, e tle e dumelehe; ho se ke ha eba sekodi ho yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ha monna a etsetsa Morena nyehelo ya sehlabelo sa teboho, e le ya kano e kgethehileng, kapa e le nyehelo ya boithaopo, e be kgomo kapa nku e se nang sepha, hore e tle e amohelehe.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 22:21
13 Referencias Cruzadas  

Jakobo a ana kano, a re: Ha Modimo o ka ba le nna, wa mpoloka leetong lena leo ke le tsamayang; ha o ka nna wa mpha bohobe ke tle ke je, le diaparo ke tle ke apare;


O abele Modimo diteboho tsa hao, o lefe dikano tsa hao ho Mookamedi ya phahameng!


Bana ba Iseraele bohle le basadi bohle ba ithatetseng ho tlisa ntho tsa mosebetsi wohle oo Jehova a neng a laetse ka Moshe hore o etswe, ba tlisetsa Jehova dikabelo tsa boithatelo.


Ke na le mokete wa mahlabelo a teboho hae ha ka; kajeno ke phethile dikano tsa ka.


Le se ke la hlahisa ntho e foufetseng, kapa e holofetseng, kapa e faotsweng, kapa e nang le dibebe, kapa e sekgwakgwa, kapa e nang le dihloba, mme le se ke la etsa ka yona aletareng sehlabelo se tjhesetswang Jehova.


Ekare ha e mong a nyehella Jehova ka sehlabelo sa teboho, mme a nyehela ka kgomo e tona kapa ka e tshehadi, o tla e hlahisa pela Jehova, e hloka sekodi.


Ha a nyehela ka e kgutshwane e tona, kapa e tshehadi, e le sehlabelo sa teboho, o tla e hlahisa pela Jehova, e hloka sekodi.


ha le rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo se tjheswang ka mollo, kapa e leng setjheso, kapa e leng sehlabelo sa ho phetha maikano, kapa sa boithatelo, kapa le rata ho hlahisetsa Jehova monko o monate meketeng ya lona e kgethehileng, ka makgomo kapa ka manku a lona,


Ha o hlahisa pohwana e be setjheso, kapa sehlabelo se phethang maikano, kapa sehlabelo sa teboho ho Jehova,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos