Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 22:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Le se ke la hlahisa letho le nang le sekodi, hobane le ke ke la dumeleha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Le se ke la nyehela ka phoofolo e nang le sepha, hobane e ke ke ya amoheleha.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 22:20
14 Referencias Cruzadas  

Morena Jehova o re: Kgweding ya pele, ka tsatsi la ho qala la kgwedi, o tla nka pohwana e se nang sekodi, ka yona o hlatswe sehalalelo.


Ha sehlabelo sa hae e le setjheso sa kgomo, a hlahise e tona e se nang sekodi, a e hlahise monyako wa tente ya pokano, a tle a amohelwe ke Jehova.


Le se ke la hlahisetsa Jehova ntho e marete a teteditsweng, kapa a pshatlilweng, kapa a qotsutsweng, kapa a pomilweng; mme le se ke la etsa sehlabelo ka e jwalo naheng ya lona.


Le se ke la amohela tse jwalo matsohong a baditjhaba ho etsa ka tsona sejo sa Modimo wa lona, hobane di holofetse, di na le dikodi; di ke ke tsa dumellwa ke hona.


Ekare ha e mong a nyehella Jehova ka sehlabelo sa teboho, mme a nyehela ka kgomo e tona kapa ka e tshehadi, o tla e hlahisa pela Jehova, e hloka sekodi.


Ha a nyehela ka e kgutshwane e tona, kapa e tshehadi, e le sehlabelo sa teboho, o tla e hlahisa pela Jehova, e hloka sekodi.


Ha le hlahisa ntho e sefofu ho etsa sehlabelo, ha ho molato na? Kapa ha le hlahisa e hlotsang, kapa e kulang, ha ho molato na? E ise he ho mmusi wa hao: na o tla o thabela, kapa a kgahlwe ke wena na? ho botsa Jehova wa makgotla.


Hona ke taelo le molao oo Jehova a o beang ka ho re: Bolella bana ba Iseraele hore ba o tlisetse sethole sa kgomo se sekgunwana, se hlokang sekodi, se se nang bohole, se esong ho kenngwe jokong.


Le tla hlahisa setjheso se monko o monate ho Jehova sa pohwana, le pheleu, le dikonyana tse tona tse supileng tse lemo se le seng, tse se nang sekodi.


Empa ekare ha phoofolo eo e na le sekodi, kapa e le sehlotsa, kapa sefofu, mohlomong e na le bohole bo bong, o se ke wa e hlabela Jehova, Modimo wa hao.


O se ke wa hlabela Jehova, Modimo wa hao, kgomo, leha e le nku, e nang le sekodi kapa molato o mong; hobane hoo ke manyala ho Jehova, Modimo wa hao.


ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!


empa e le ka madi a bohlokwa a Kreste, konyana e se nang letheba le sekodi;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos