Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 22:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Motho e mong le e mong wa ntlo ya Iseraele, kapa wa baditjhaba ya ahileng Iseraeleng, ya tlang ho hlahisetsa Jehova sehlabelo ka ho phetha kano, leha e le nyehelo ka ho ithatela,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 “Bua ho Arone le ho bara ba hae, le ho bana bohle ba Iseraele, o re ho bona: ‘Monna ofe kapa ofe wa ntlo ya Iseraele, kapa ya jakileng naheng ya Iseraele, ya tlisang nyehelo ya hae, e ka ba nyehelo ya kano, kapa nyehelo ya boithaopo, e nyehellwang Morena hore e be ya setjheso,

Ver Capítulo Copiar




Levitike 22:18
29 Referencias Cruzadas  

Kore, mora Jimna Molevi, molebedi wa monyako o ka nqa botjhabatsatsi, a bewa modisa wa dimpho tse etsetswang Modimo ka ho rata, hore a abe dikabelo tse ntshetswang Jehova le dintho tse kgethehileng haholo.


ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela.


Ke tla phetha dikano tsa ka ho Jehova, pontsheng ya setjhaba sa hae kaofela,


O tla rokwa ke nna phuthehong e kgolo; ke tla o lefela dikano tsa ka pela ba o tshabang.


Oho Modimo, ke tlamilwe ke dikano tseo ke di entseng; ke tla o buseletsa diteboho.


Hobane, wena Modimo, o utlwile dikano tsa ka, o nneile lefa la ba tshabang lebitso la hao.


Ebe moo ke rorisang lebitso la hao kamehla, ke ntse ke phetha dikano tsa ka ka matsatsi wohle.


Modimo, boimamelo le hlompho di teng pela hao, Sione! Dikano di phethelwa wena!


Ke tla kena ka tlung ya hao ka ditjheso, ke o lefele dikano tsa ka tse tswileng melomong ya ka,


E be konyana e se nang sekodi, e tona, ya lemo se le seng; le inkele yona dinkung leha e le dipoding.


Ha o ikanela ho Modimo ka kano, se diehe ho e phetha; hobane ha o kgahlwe ke mawatla. Phetha kano eo o e entseng.


Sehlabelo sa hae haele setjheso sa dikgutshwane, sa dinku, kapa sa dipodi, o tla ntsha e tona, e se nang sekodi.


Bolela bana ba Iseraele, o re ho bona: Ekare ha motho hara lona a rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo, e tla ba sehlabelo kapa sa kgomo kapa sa tse kgutshwane.


Ekare ha motho wa ntlo ya Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara lona, a ka ja madi afe le afe, ke tla tjamela motho eo ya jang madi, ke mo tlose hara setjhaba sa habo.


Ekare ha motho hara bana ba Iseraele, leha e le wa baditjhaba ba ikahetseng hara bona, a tshwara phoofolo tsholong, leha e le nonyana ya tse jewang, o tla tsholla madi a yona, a a kwahele ka mobu.


Jehova a bua le Moshe, a re: Bolella Aarone, le bara ba hae, le bana ba Iseraele kaofela, o re ho bona:


Hape, le boloke Disabatha tsa Jehova, mme le nne le hlahisetse Jehova dineo tsa lona, le mahlabelo wohle a ho phetha dikano tsa lona, le dinyehelo tsohle tsa lona tsa boithatelo.


Ekare ha motho a hlahisa sehlabelo ho lefa kano eo a anneng ka yona, kapa e le sehlabelo sa boithatelo, nama ya sona e tla jewa ka lona letsatsi la sehlabelo, mme se ka salang se tla jewa hosasane.


Teboho tsa lona tsa setjheso di etseng ka tse lomositsweng; le laele le dikabelo tse yeng di ntshuwe ka ho ithatela ha motho, hobane ke moo le ithatelang, lona bana ba Iseraele: ho itswalo ke Morena Jehova.


Mme banna bao ba tshaba Jehova haholo; ba hlabela Jehova mahlabelo, ba mo etsetsa le dikano.


empa nna, ke tla o hlabela mahlabelo ka dipina tsa teboho, ke lefe seo ke se anneng. Poloko ke ya Jehova!


Bonang dithabeng maoto a ba bolelang ditaba tse molemo, ba tumisang tsa kgotso! Wena Juda, etsa mekete ya hao, o lefe dikano tsa hao, hobane ya bolotsana ha a sa tla hlola a feta ha hao; o timeditswe ruri.


Ho rohakwe mothetsi ya hlahisang ntho e tshehadi, athe e tona e leng teng mohlapeng wa hae, le eo, ereng ha a ikanne, a hlabele Morena ntho e senyehileng; hobane ke Morena e moholo, ho bolela Jehova wa makgotla, mme lebitso la ka le tshabeha hara ditjhaba.


ha le rata ho hlahisetsa Jehova sehlabelo se tjheswang ka mollo, kapa e leng setjheso, kapa e leng sehlabelo sa ho phetha maikano, kapa sa boithatelo, kapa le rata ho hlahisetsa Jehova monko o monate meketeng ya lona e kgethehileng, ka makgomo kapa ka manku a lona,


Pauluse a boela a hlola teng matsatsi a mangata, a ntoo dumedisa baena, a ya Siria ka sekepe, a ena le Priscila le Akila, a ikutisitse hlooho Kenkrea, kahobane a ne a itlamile ka kano.


O ke ke wa ja menyakong ya metse ya hao karolo ya leshome ya koro ya hao, le ya veine ya hao e ntjha, le ya ole ya hao, le matsibolo a dikgomo tsa hao, le a dinku tsa hao, leha e le mahlabelo a dikano tsa hao, tseo o itlamang ka tsona, le dinyehelo tsa hao tsa boithatelo, le tse ntshwang ke matsoho a hao;


Le tla isa teng ditjheso le mahlabelo a lona, le karolo ya leshome ya dintho tsa lona, le dikabelo tse ntshwang ke matsoho a lona, le mahlabelo a dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithatelo, le matsibolo a dikgomo le a dinku tsa lona.


mme o etsetse Jehova, Modimo wa hao, mokete wa Diveke, o abele Modimo kabelo kamoo matsoho a hao a ratang ho leboha kateng, o nee ho seo Jehova, Modimo wa hao, a o hlohonolofaditseng ka sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos