Ba se ke ba nyala mosadi wa mohlolohadi, kapa mosadi ya hladilweng; ba mpe ba nyale barwetsana ba lesika la ntlo ya Iseraele, kapa mosadi wa mohlolohadi e bileng mohlolohadi wa moprista.
A se ke a tswa sehalalelong, mme a se ke a hlompholla sehalalelo sa Modimo wa hae, hobane ole ya tlolo ya Modimo wa hae ke mofapahlooho hloohong ya hae. Ke nna Jehova.
A se ke a nyala mohlolohadi, leha e le mosadi ya hladilweng, kapa ya tlotlolotsweng, kapa seotswa; empa o tla ikgethela morwetsana ya esong ho tsebe monna hara setjhaba sa habo.
Ba se ke ba nyala seotswa, leha e le mosadi ya tlotlolotsweng, ba se ke ba nyala le mosadi ya hladilweng ke monna wa hae, hobane ba kgethetswe Modimo wa bona.
Hobane ke le boulela ka poulelo ya Modimo, ke tswe ke le lebelleditse monna a le mong, ke tle ke le hlahise pela Kreste le le jwaloka morwetsana ya se nang sekodi.
Bao ke ba sa kang ba itshilafatsa le basadi; hobane ba sa le jwaloka mohla ba hlahang. Ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng; ke ba lopolotsweng hara batho, e be dithakangwaha ho Modimo le ho Konyana.