Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 19:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 O se ke wa rohaka ya tsebetutu; o se ke wa bea letho pela sefofu le ka mo kgopang. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “ ‘O se ke wa rohaka tsebetutu; o se ke wa bea sekgopi tseleng ya sefofu; empa o tshabe Modimo wa hao. Ke nna Morena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 19:14
14 Referencias Cruzadas  

Ka tsatsi la boraro, Josefa a re ho bona: Etsang hona, le tle le phele; ke motho ya tshabang Modimo.


Athe babusisi ba pele, ba nnileng ba eba teng pele ho nna ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka bohobe le veine ho sona, ba nka le dishekele tse mashome a mane tsa silefera; hape, bahlanka ba bona ba ne ba busa ka thata hodima setjhaba; empa nna, ha ke a ka ka etsa jwalo ka baka la ho tshaba Modimo.


Qalo ya bohlale ke ho tshaba Jehova; bohle ba ineelang hoo ba na le kutlwisiso e lokileng. Kganya ya hae e hlola ka ho sa feleng.


Ha o ahlola, o se ke wa ahlola ka bokgopo; o se ke wa tadima tshobotsi ya ba eisehang, mme o se ke wa emela kahlolong ka ho ba hlompha ba leng baholo, o mpe o ahlole wa heno ka ho loka.


O eme pela moriri o moputswa, mme o hlomphe ya hodileng. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


Ho se ke ha eba e mong hara lona ya jang wa habo; o tshabe Modimo wa hao, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Hlohonolofatsang ba le hlorisang; le hlohonolofatse, mme le se ke la rohaka.


A re se keng ra ahlolana ke hona; le mpe le ahlole hona hore ha le a tshwanela ho bea kgopiso le kgolokgothehiso pela ngwanabo lona.


Le se ke la dihela Bajuda, leha e le Bagerike, leha e le kereke ya Modimo,


Ho rohakwe ya kgelosang sefofu tsela! Mme setjhaba sohle se tla re: Amen!


Mme ha le bitsa Ntata lona eo e leng ya ahlolang e mong le e mong ka mesebetsi ya hae, e seng ka tshobotsi, le tsamaye ka tshabo mehleng ya ho hlola ha lona lefatsheng;


Hlomphang batho bohle; ratang banababo lona bohle; tshabang Modimo; hlomphang morena wa setjhaba.


Empa ke na le ditaba tse seng kae, tseo ke di nyatsang ho wena: ke hobane mona o na le ba yang ka thuto ya Balaame, ya rutileng Balake ho bea kgopiso pela bana ba Iseraele, ba tle ba je tse hlabetsweng medimo ya bohata, mme ba etse bohlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios