Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 19:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 O se ke wa katella wa heno, leha e le ho mo tlatlapa. Moputso wa ya o sebeletsang ka letsatsi, o se ke wa o boloka ho isa hosasane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 “ ‘O se ke wa hatella mohaeno, kapa wa mo hanyapetsa. “ ‘O se ke wa dula ka moputso wa letsatsi wa mosebeletsi wa hao, ho fihlela letsatsi le hlahlamang.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 19:13
29 Referencias Cruzadas  

Ya ekang motswalle wa hae, mahlo a bana ba hae o tla a bona a timilwe.


ha ekaba ke jele letshere la yona ke sa ka ka lefa, ka ba ka llisa pelo ya monga yona;


Jwaloka mofo ha a sisetsa moriti pelo, jwaloka ya ruilweng ha a lebeletse moputso wa hae,


Ha e fela e ne e harolwe, a hlahise bopaki; ha a na ho lefa se harotsweng.


Ha monga yona a ne a le teng, ha a na ho lefa; ha e ne e adimilwe, tefo ya kadimo e eme bakeng sa yona.


O se ke wa hatakela le ho tuba moditjhaba, hobane le lona le bile baditjhaba lefatsheng la Egepeta.


Ekare ha motho a nea wa habo ditjhelete, kapa mesebetsi ho e boloka, mme e utsuwa tlung ya motho eo, ha leshodu le ka fumanwa, le tla lefa habedi.


Diponto tse pedi tsa ho lekanya tse fapaneng, le diefa tse pedi tse fapaneng, ke manyala ho Jehova.


O se ke wa ja mofutsana ka hoba e le mofutsana, o se ke wa pitla mohlomohi kgotla;


O se ke wa re ho wa heno: Tsamaya, o tle o boye hosasane, ke tla o nea; athe seo a se hlokang se teng ho wena.


Ho madimabe ya hahang ntlo ya hae ka bokgopo, le dikamore tsa hae ka ho se loke, ya sebedisetsang wa habo lelea, a sa mo nee moputso wa mofufutso wa hae;


Ho itswe ke Jehova: Etsang kahlolo le ho loka, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, le se ke la tsohela moditjhaba le kgutsana le mosadi wa mohlolohadi matla; le se ke la ba etsa hampe, le se ke la tsholla madi a se nang molato nqalong ena.


leha a sa tube motho, mme a kgutlisa tebeletso e ntsheditsweng molato, a sa tlatlape, a nea molapi bohobe ba hae, a apesa ya hlobotseng diaparo,


Ha hao, ho amohelwa dimpho hore ho tle ho tshollwe madi; o nka phahello le katiso, o ntshisa ya heno tjhelete ka ho mo tuba, o ntse o ntebala, ho bolela Morena Jehova.


Haele setjhaba sa lefatshe lena, se etsa botubo, se ineela kutso; ba tuba mosenyehi le mofutsana, ba tuba moditjhaba ho se tokelo.


Ekare ha le ka rekisa ka tshimo ho wa habo lona, kapa leha le ka ithekela tshimo ho wa habo lona, le se ke la jana.


Ho se ke ha eba e mong hara lona ya jang wa habo; o tshabe Modimo wa hao, hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona.


leha e le ka ho latola ntho eo a e thotseng, e neng e lahlehile, kapa ka ho hlapanya ka leshano hodima ntho efe le efe eo ho ka thweng ke sebe;


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


Hoba e be mantisboya, monga tshimo ya merara a re ho mohlahlobi wa ntlo ya hae: Bitsa balemi, o ba nee moputso wa bona; o qale ka ba morao, o qetelle ka ba pele.


O tseba melao e reng: O se ke wa feba, o se ke wa bolaya, o se ke wa utswa, o se ke wa bea bopaki ba bohata, o se ke wa ja tsa e mong, hlonepha ntatao le mmao.


a re ho bona: Le se ke la lefisa ho fetisa hoo le ho laetsweng.


Hape, motho a se ke a hata ngwanabo, leha e le ho mo senyetsa tabeng leha e le nngwe; hobane Morena ke mophethetsi wa ntho tsohle tse jwalo, jwalokaha re se re kile ra le bolella pele ka komelo e tiileng.


Hobane Lengolo le re: O se ke wa thiba molomo wa kgomo ha e pola. Hape le re: Ya sebetsang o tshwanelwa ke moputso wa hae.


Bonang, moputso wa basebetsi ba kotutseng masimo a lona, oo le o jeleng o ntse o howeletsa; mme dillo tsa bakotudi bao di fihlile ditsebeng tsa Morena wa makgotla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos