Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 18:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Le boloke melao ya ka, mme le se ke la etsa leha o le mong wa mekgwa e manyala e neng e etswa le eso ho kene, mme le se ke la itshela ditshila ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Ka baka leo, bolokang ditaelo tsa ka; le se ke la etsa tsohle tse manyala, tse neng di etswa le eso fihle, mme le se ke la itshilafatsa ka tsona. Ke nna Morena Modimo wa lona.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Levitike 18:30
14 Referencias Cruzadas  

Ho ne ho le le Basodoma naheng eo, ba etsa ka manyala wohle a ditjhaba tseo Jehova a neng a di lelekile pela bana ba Iseraele.


A etsa manyala a maholo ka ho latela medimo, ka mekgwa yohle e entsweng ke Baamore, bao Jehova a neng a ba lelekile pela bana ba Iseraele.


Taba tseo hobane di fele, dihlooho tsa atamela ho nna, tsa re: Setjhaba sa Iseraele le baprista le Balevi ha ba ka ba ikgetha ho ditjhaba tse dinaheng tse ka mathoko, ba mpa ba entse ka manyala a tsona, e leng Bakanana, le Bahethe, le Baferese, le Bajebuse, le Baammone, le Bamoabe, le Baegepeta, le Baamore.


Hobane bohle ba tlang ho etsa leha le le leng la manyala ao, ba tla tloswa hara setjhaba sa ba habo bona.


Jehova a boela a bua le Moshe, a re:


Le se ke la ya ka mekgwa ya ditjhaba tseo ke tla di lelekisa pela lona; hobane di entse dintho tseo kaofela, mme ho nna di manyala.


Ba boloke melao ya ka, e se be ba jara boima ba sebe sa bona, mme ba se ka ba eshwa, kahobane ba hlomphollotse dintho tse kgethehileng. Ke nna Jehova ya ba halaletsang.


Rata ke hona Jehova, Modimo wa hao, mme o boloke ditemoso tsa hae kamehla, le melao ya hae, le dikahlolo tsa hae, le ditaelo tsa hae.


o iponele, esere mohlomong wa tshawaswa lerabeng ka ho di etsisa ha di se di fedisitswe pela hao, wa batla medimo ya tsona ka ho re: Na ditjhaba tseo di ne di sebeletsa medimo ya tsona jwang? Le nna ke rata ho etsa jwalo.


O se ke wa etsa Jehova, Modimo wa hao, jwalo, hobane manyala wohle ao Jehova a a hloileng, ba ditjhaba tseo ba a etseditse medimo ya bona; esita le bara ba bona le baradi ba bona, ba ne ba ba tjhesetsa medimo ya bona.


Ka ba ka tshwara serethe sa ka, ka se poma dikoto, ka romela dikoto tsa sona naheng yohle ya lefa la Iseraele, ka ho re, ba Gibea ba entse molato le manyala Iseraeleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos