Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 18:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Hobane ke wona manyala wohle ao a kileng a etswa ke batho ba naha eo, ba neng ba ahile teng pele, mme naha e kile ya silafala.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Manyala ana wohle a ile a etswa ke batho ba neng ba ahile mona pele ho lona, mme naha e ile ya silafala.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 18:27
14 Referencias Cruzadas  

Ho ne ho le le Basodoma naheng eo, ba etsa ka manyala wohle a ditjhaba tseo Jehova a neng a di lelekile pela bana ba Iseraele.


Le yena a ya ka mehlala ya marena a Iseraele, hape a tjhesa mora hae mollong, ka mokgwa wa manyala a ditjhaba, tseo Jehova a neng a di leleke pela bana ba Iseraele;


A etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa le ka manyala a ditjhaba tseo Jehova a neng a di lelekile pela bana ba Iseraele.


Esita le mahosana wohle a baprista le sona setjhaba, ba nna ba ya ba atisa ditshito tsa bona ka ho ya ka manyala wohle a ditjhaba; mme ba silafatsa ntlo ya Jehova eo a neng a e halaleditse Jerusalema.


E ne e le baikakasi, ba ne ba etsa manyala pela ka; ka ba tlosa ke hona, mohla ke bonang tseo.


ha hao, e mong o etsa manyala le mosadi wa wa habo, e mong o silafatsa ngwetsi ya hae ka bohlola, e mong o kokobetsa kgaitsedie, moradi wa ntatae.


Ke fumane Iseraele a le ho nna jwaloka ditholwana tsa morara tse fumanwang feelleng; ke tadimile bontata lona jwalokaha ho tadingwa dilopotsiya tsa feiye e qalang ho beha. Athe bona ba ile Baale-Peore, ba ikgethela tse dihlong, ba ba ba fetoha manyala jwaloka dinyatsi tsa bona.


Le se ke la itshela sesila ka efe le efe ya ntho tseo, hobane ke ka dintho tseo kaofela ditjhaba tseo ke yang ho di lelekisa pela lona di itshetseng ditshila.


Le boloke ke hona melao le ditaelo tsa ka, mme le se ke la etsa leha le le leng la manyala ao, leha e le ya tswaletsweng ha eno, leha e le moditjhaba ya jakileng hara lona.


Iponeleng hore naha e se ke ya le hlatsa, ha le e silafatsa, jwalokaha e hlatsitse ditjhaba tse neng di le ho yona pele.


hore ba tle ba se ke ba le ruta ho etsa manyala wohle a bona, e leng manyala ao ba a etsetsang medimo ya bona, mme le se sitelwe Jehova, Modimo wa lona.


O se ke wa hlahisa ka tlung ya Jehova, Modimo wa hao, moputso wa seotswa, leha e le theko ya ntja, bakeng sa kano eo o itlamileng ka yona; hobane ntho tse pedi tseo ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.


Hobane bohle ba etsang tse jwalo, bohle ba etsang ka bokgopo, ba manyala ho Jehova, Modimo wa hao.


Ho rohakwe motho ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se tsholotsweng, e leng ntho e manyala ho Jehova, mosebetsi wa matsoho a sebetli, mme a se bea nqalong e itseng e sephiri! Mme setjhaba sohle se tla dumela, se re: Amen!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos