Ekare ha monna a robetse le monna e mong, jwalokaha ho robalwa le mosadi, ba entse ba babedi ntho e manyala, ba tla bolawa: madi a bona a tla ba hodima bona.
O se ke wa hlahisa ka tlung ya Jehova, Modimo wa hao, moputso wa seotswa, leha e le theko ya ntja, bakeng sa kano eo o itlamileng ka yona; hobane ntho tse pedi tseo ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.
Ho bile jwalo le Sodoma le Gomora, le metse e ka mathoko a teng, e neng e ineetse bootswa bo le bong, ka ho kgelohela ho batla nama esele; metse eo yohle e beilwe hore e be temoso, ha e ntse e le kotlong ya mollo o sa feleng.
Ba re ba sa thabisa dipelo tsa bona, bonang, banna ba motse, batho ba Beliale, ba teela ntlo hare, ba raha lemati, ba bolella monna ya tsofetseng, mong a ntlo, ba re: Ntshetsa ntle monna ya fapohetseng ha hao, re tle re mo tsebe.