Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 18:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 O se ke wa neela ngwana leha a le mong wa bana ba hao hore a abelwe Moloke, o tle o se ke wa nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 “ ‘O se ke wa neelana ka e mong wa bana ba hao hore ka yena ho etsetswe Moloke sehlabelo sa setjheso, esere wa nyedisa lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Morena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 18:21
30 Referencias Cruzadas  

Hobane ba ntahlile, ba ile ho sebeletsa Ashtarothe, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milkome, modimo wa bana ba Ammone; ha ba ka ba tsamaya tseleng tsa ka, le ho etsa tse lokileng mahlong a ka, le ho ya ka ditaelo tsa ka le ka melao ya ka, jwaloka ntatae Davida.


Salomone a hahela le Kemoshe, manyala a Bamoabe, nqalo e phahameng, leralleng le pela Jerusalema, a hahela le Moloke, manyala a bana ba Ammone.


Le yena a ya ka mehlala ya marena a Iseraele, hape a tjhesa mora hae mollong, ka mokgwa wa manyala a ditjhaba, tseo Jehova a neng a di leleke pela bana ba Iseraele;


ba Avva ba etsa Nibkase le Tharthake; ba Sefarvaime ba nna ba tjhesetsa Adrammeleke le Anammeleke medimo ya Sefarvaime, bara ba bona ka mollo.


A tjhesa le mora hae, a noha, a etsa bolao, a bea baloi le dinohe, a etsa bobe bo bongata mahlong a Jehova, ho mo halefisa.


Hape, a silafatsa Tofethe, sekgutlong sa bana ba Hinnome, hore ho se ka ha hlola ho eba motho ya tjhesang mora hae leha e le moradi wa hae, ho mo kgethela Moloke.


A tjhesa dibano kgohlong ya bana ba Hinnome, a tjhesa bara ba hae mollong, ka ho ya ka manyala a ditjhaba tseo Jehova a neng a di faladitse pela bana ba Iseraele.


mme ba hahetse Baale dinqalo tse diphahameng ho tjhesa bana ba bona teng ka mollo, e tle e be setjheso ho Baale, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, ke sa kang ka ba bolella sona, se sa kang sa itlhahela pelong ya ka;


Ba hahetse Baale dinqalo tse diphahameng, kgohlong ya mora Hinnome, ba tle ba tjhesetse Moloke bara ba bona le baradi ba bona teng; e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka, hore ba nne ba etse manyala a jwalo ho sitisa Juda.


Ba hahile linqalo tse diphahameng tsa Tofethe, kgohlong ya mora Hinnome, ho tjhesa bara ba bona le baradi ba bona mollong, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, mme ha se a ka sa hlaha pelong ya ka.


Ka ba ka ba silafatsa ka dinyehelo tsa bona, kamoo ba neng ba tjhesa bara bohle ba matsibolo kateng, hore ke tle ke be ke ba etse lesupi, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


mme le tlisa dinyehelo tsa lona, le tjhesa le bara ba lona, le ntse le itshilafatsa ka ditshwantsho tsa lona tsohle ho fihlela la kajeno, hleka nka dumela ho botswa ke lona, ntlo ya Iseraele, na? Ke a phela, ho rialo Morena Jehova, ha ke na ho botswa ke lona.


Hobane ba fela ba febile, mme madi a teng matsohong a bona; ba febile le ditshwantsho tsa bona, hape ba bile ba di jesitse bara ba bona bao ba neng ba ntswaletse bona.


Le se ke la hlapanya ka leshano ka lebitso la ka, hobane moo etlaba ke ho nyefola lebitso la Modimo wa hao. Ke nna Jehova.


Ba tla halalela ka baka la Modimo wa bona, mme ba ke ke ba tlotlolla lebitso la Modimo wa bona; hobane ke bona ba hlahisang mahlabelo a tjhesetswang Jehova, e leng sejo sa Modimo wa bona; a ba ke ba halalele ke hona.


Bolella Aarone le bara ba hae hore, ba itemohele bakeng sa dintho tse halalelang, tseo ke di kgethelwang ke bana ba Iseraele, mme ba se ke ba hlompholla lebitso la ka le halalelang. Ke nna Jehova.


Le se ke la hlompholla lebitso la ka le halalelang, ke tle ke kgethehe hara bana ba Iseraele. Ke nna Jehova ya le halaletsang,


O tla bolella bana ba Iseraele, o re ho bona: E mong le e mong ya rohakang Modimo wa hae, o tla jara molato wa sebe sa hae;


ba lakatsa ho bona lerole la lefatshe hodima hlooho ya mofutsana, mme ba kgopamisa taba tsa ba banyenyane; motho le ntatae ba kenela mosadi a le mong, ba tle ba tlotlolle lebitso la ka le kgethehileng;


Tjhe, le ne le jare Sikkuthe, morena wa lona, le Kiune, setshwantsho sa lona, naledi ya modimo oo le neng le iketseditse wona.


Na Jehova o tla kgahlwa ke pheleu tse dikete, ke mashome a dikete a dinoka tsa ole? A ke tla ntsha mora wa ka wa letsibolo bakeng sa bokgopo ba ka, ke ntshe ya tswileng maleng a ka bakeng sa sebe sa moya wa ka na?


Empa lona, le a le hlompholla, ha le ntse le re: Tafole ya Jehova e ditshila, le se tswang ho yona ke sejo se nyatsehang.


Tjhe, empa le ne le jere tabernakele ya Moloke, le naledi ya modimo wa lona Remfane, e leng ditshwantsho tseo le iketseditseng tsona ho di kgumamela; ka baka leo, ke tla le falatsa, ke be ke le fetisetse ka nqane ho Babilona.


Mme kganya ya Modimo o sa boleng ba e fetotse ditshwantsho tse lekanyang motho ya bolang, le dinonyana le diphoofolo tse maoto a mane, le dihahabi.


Hobane lebitso la Modimo le nyefolwa ka baka la lona hara bahedene, jwalokaha ho ngodilwe.


O se ke wa etsa Jehova, Modimo wa hao, jwalo, hobane manyala wohle ao Jehova a a hloileng, ba ditjhaba tseo ba a etseditse medimo ya bona; esita le bara ba bona le baradi ba bona, ba ne ba ba tjhesetsa medimo ya bona.


Ho se ke ha fumanwa haeno motho ya fetisang mora wa hae, leha e le moradi wa hae mollong, leha e le mophofi ya phofang, kapa selaodi se laolang, kapa senohe, kapa moloi,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos