Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 18:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O se ke wa atamela mosadi ya idileng, ho apola bofeela ba hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 “ ‘O se ke wa kena dikobong tsa mosadi ya sesila ka baka la ho ya dinakong tsa hae.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 18:19
8 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o romela manqosa ho mo lata; mosadi ha a fihla ho yena, Davida a robala le yena; hobane a itlhatswe ditshila tsa hae, a ipoella ha hae.


ha a sa je dithabeng, a sa lelaletse mahlo ditshwantshong tsa ntlo ya Iseraele, ha a sa silafatse mosadi wa wa habo, a sa atamele mosadi ya ilang,


Ha hao, ho apolwa bofeela ba motswadi; ha hao, ho betwa mosadi ya ilang;


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ekare ha mosadi a emola, a ba a tswala ngwana e motona, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng; o tla ba sesila jwaloka mohla a ileng kgweding.


Etlare ha mosadi a idile moilo wa hae o tswang mmeleng wa hae, o tla ba le sesila ka matsatsi a supileng. E mong le e mong ya mo amang, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.


Ekare ha monna a robetse le yena, mme sesila sa moilo wa hae se mo amile, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng, mme diphate kaofela tseo a tlang ho robala ho tsona di tla ba sesila.


O se ke wa nyala ngwanabo mosadi wa hao ho baka lefufa, ka ho apola bofeela ba hae mabapa le mosadi wa hao, ha a sa ntse a phela.


Ekare ha monna a robala le mosadi ya idileng, a apola bofeela ba hae, mme a pepesa mohlapo wa hae, le yena mosadi a pepesa letlang la hae, ba tla tloswa ba babedi hara setjhaba sa habo bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios