Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 16:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Pheko e tla etswa ke moprista ya tlotsitsweng, ya beilweng ho etsa boprista bakeng sa ntatae, mme o tla apara diaparo tsa lene, diaparo tse kgethehileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Moprista ya tlotsitsweng, ya halaleditsweng hore e be moprista sebakeng sa ntatae, o tla etsa tefelo ya sebe. O tla apara diaparo tse halalelang, tse entsweng ka lesela la lene.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 16:32
8 Referencias Cruzadas  

o ntoo tlama Aarone le bara ba hae ka dinyepa, o ba rwese dikatiba; boprista e tla ba ba bona ka taelo ya kamehla, mme o kgethe Aarone le bara ba hae jwalo.


O tla etsetsa sehalaledisiso se kgethehileng pheko; o tla etsetsa tente ya pokano le aletare pheko; o tla etsetsa le baprista le batho kaofela ba phutheho pheko.


O tla ikapesa ka kojwana e kgethehileng ya lene, a tene mmeleng wa hae borikgwana ba lene, a itlame ka senyepa sa lene, a rwale lesela la lene hloohong; ke tsona diaparo tse kgethehileng, tseo a tlang ho ikapesa ka tsona, ha a se a hlatswitse mmele wa hae metsing.


Moprista ya tlotsitsweng o tla isa madi a mang a poho tenteng ya pokano;


Ha ekaba ya entseng sebe ke moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihetse batho molatong, o tla hlahisetsa Jehova pohwana e se nang sekodi ka baka la sebe seo a se entseng, e le sehlabelo sa sebe.


Moprista ya tlotsitsweng o tla nka madi a mang a poho eo, a a tlise ka tenteng ya pokano.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos