Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 16:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ya isitseng phooko ya Asasele, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a hlatswe le mmele wa hae metsing, a ntoo kgutlela diahelong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 “Motho ya ileng a isa podi ho Asasele o tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi, mme kamorao ho moo a kene ka diahelong.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 16:26
19 Referencias Cruzadas  

E mong le e mong ya tlang ho ama ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya;


e mong le e mong ya jereng setopo se shweleng sa tsona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a be sesila ho isa mantsiboya.


Tsohle tse maoto a mane, tse tsamayang ka maro a tsona, di tla ba sesila ho lona; e mong le e mong ya amang ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.


Ya tlang ho jara ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla ba sesila ho isa mantsiboya. Di tla ba sesila ho lona.


Tseo e tla ba ditshila ho lona hara tsohle tse nyekenyehang; e mong le e mong ya tlang ho di ama ha di shwele, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.


Ntho efe le efe eo ditopo tsa tsona di wetseng hodima yona, e tla ba sesila, leha e ka ba ntho efe le efe ya lehong, leha e le seaparo, kapa letlalo, kapa mokotla, kapa ntho efe le efe eo ho sebetswang eng le eng ka yona; e tla inwa metsing, mme e tla ba sesila ho isa mantsiboya, mme kamora moo, e tla ba e hlwekile.


Ha ho ka shwa phoofolo e nngwe ya tseo le ka di jang, motho ya tlang ho ama setopo sa yona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.


Ya ka jang nama ya setopo sa yona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a be sesila ho isa mantsiboya; ya tlang ho jara setopo sa yona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a be sesila ho isa mantsiboya.


Ya itlhatswang a hlatswe diaparo tsa hae, a beole mohwete wa hae kaofela, a ntoo itlhatswa ka metsi, mme etlaba o hlwekile; ke hona a tla lokela ho boela a kgutlela diahelong; empa o tla tshwanela ho dula kantle ho tente ya hae ka matsatsi a supileng.


E mong le e mong ya di amang, o tla itshela sesila, mme o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya.


Haele phooko e kgethetsweng Asasele, e tla hlahiswa e sa utlwa pela Jehova, hore ho tle ho etswe pheko ka yona, e ntoo tlohelwa, e ikele feelleng, e be ya Asasele.


O tla tjhesa hodima aletare mafura a sehlabelo sa sebe.


Ya di tjhesitseng o tla hlatswa diaparo tsa hae, a hlatswe le mmele wa hae metsing; a ntoo kgutlela diahelong.


O tla laola diphooko tse pedi, hore ho laola ho tle ho ntshe eo e leng ya Jehova, le eo e leng ya Asasele.


Hoo e tla ba molao o sa feleng ho bona: ya fokileng ka metsi a hlatsuo, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme ya amileng metsi a hlatsuo, etlaba ha a hlweka ho fihlela mantsiboya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos