Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 16:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Etlare hobane a etsetse sehalalelo le tente ya pokano le aletare pheko, o tla hlahisa phooko e utlwang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 “Ha Arone a qetile ho hlwekisa Sehalalelo, Tente ya Morena, le aletare, o tla tlisa podi e ntseng e phela.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 16:20
12 Referencias Cruzadas  

O tla boela o etse jwalo ka la bosupa la kgwedi ka baka la ya fositseng le ka baka la sethoto, mme le tla etsetsa ntlo pheko.


Ka mokgwa o jwalo, o tla etsetsa sehalalelo pheko, ka baka la ditshila tsa bana ba Iseraele, le la dibe tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla etsa jwalo le bakeng sa tente ya pokano e beilweng ho bona le hara tse sa hlwekang tsa bona.


o tla foka aletare ka madi ao hasupa ka monwana wa hae, a e hlwekise, a e halaletse ka baka la tse sa hlwekang tsa bana ba Iseraele.


Aarone o tla bea matsoho a hae a mabedi hloohong ya phooko e utlwang, a bolele hodima yona makgopo kaofela a bana ba Iseraele, le ditlolo tsohle tseo ba sitilweng ka tsona; o tla di bea hloohong ya phooko, a ntoo e kgannela feelleng ka motho ya kgethetsweng hoo,


Empa ho ke ke ha jewa sehlabelo sa sebe leha se le seng seo madi a mang a sona a iswang tenteng ya pokano, ho etswa pheko sehalalelong: se tla tjheswa ka mollo.


Moshe a e hlaba, a nka madi a yona, a a bea ka monwana wa hae manakeng a aletare ka nqa tsohle; kahoo a hlwekisa aletare; madi a setseng a a tshollela fatshe aletareng, mme a e kgetha jwalo, ho tle ho etswe pheko teng.


e leng yena ya teletsweng lefu ka baka la dibe tsa rona, mme o tsositswe ho re bea ba lokileng.


Ya tla ba tswa ke mang? Kreste ke yena ya shweleng, a bileng a tsoha, hape ke yena ya leng ka letsohong le letona la Modimo, hapehape e sa le yena ya re rapellang.


ke ho re, Modimo o ne o le ho Kreste, ha o busetsa lefatshe kgotsong ho wona ka ho se balle batho dibe tsa bona, mme o kentse ho rona polelo ya poelano.


le ho busetsa dintho tsohle kgotsong ya Modimo ka yena, leha e le tse lefatsheng, leha e le tse mahodimong, kahobane e le yena ya entseng kgotso ka madi a sefapano sa hae.


Ke ka baka leo a ka tsebang ho pholosa ka ho fetisisa ba atamelang Modimo ka yena, kahobane o ntse a phela kamehla ho ba rapella.


Ke na be ke shwele, mme bona! ke phela kamehla le mehla. Amen! Ke na le dinotlolo tsa nqalo ya bafu le tsa lefu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos