Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 15:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Etlare ha monna eo a fodile, o tla bala matsatsi a supileng a ho itlhatswa; o tla hlatswa diaparo tsa hae, a hlatswe mmele wa hae metsing a molatswana; etlaba o hlwekile.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 “ ‘Ha monna enwa eo botona ba hae bo neng bo qhitsa lero a fola, o tla qeta matsatsi a supileng pele a ka hlwekiswa. O tla hlatswa diaparo tsa hae, a tole ka metsi a sa tswa kguwa sedibeng, mme e tla ba o hlwekile.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 15:13
16 Referencias Cruzadas  

O tla etsetsa Aarone le bara ba hae jwalo, o ye ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, o tle o ba kgethele tshebeletso ka tshiu tse supileng.


Ka ditshiu tse supileng, o tla etsetsa aletare pheko, o be o e kgethele tshebeletso, mme aletare e tla ba ntho e kgethehileng haholo; eng le eng e ka amang aletare e kgethehile.


Ke tla ba hlwekisa bokgopong bohle ba bona, boo ba ntshitetsweng ka jona, ke ba leselle dibe kaofela tseo ba ntshitetsweng ka tsona, tseo ba nkwenehetseng ka tsona.


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla tlisa dikonyana tse pedi tse tona, tse se nang sekodi, le nku e lemo se le seng, e se nang sekodi, le dikarolo tse tharo tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, ho di etsa nyehelo, le loge ya ole e be teng.


Ya itlhatswang a hlatswe diaparo tsa hae, a beole mohwete wa hae kaofela, a ntoo itlhatswa ka metsi, mme etlaba o hlwekile; ke hona a tla lokela ho boela a kgutlela diahelong; empa o tla tshwanela ho dula kantle ho tente ya hae ka matsatsi a supileng.


Etlare hobane letlang la hae le kgaotse, o tla bala matsatsi a supileng, mme etlaba o hlwekile.


E mong le e mong ya amang diphate tsa hae, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing; a be sesila ho isa mantsiboya.


Ka matsatsi a supileng, le ke ke la tloha monyako wa tente ya pokano, ho fihlela matsatsi a peo ya lona a ba a phetheha; hobane matsatsi a peo ya lona a supile.


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, Moshe a bitsa Aarone, le bara ba hae, le baholo ba Iseraele, a re ho Aarone:


Jehova a re ho Moshe: Hoja ntatae a mo tshwetse ka mathe sefahlehong, se ka beng se mo loketse na hase ho dula matsatsi a supileng tlasa dihlong na? A ke a kwallwe ka matsatsi a supileng kantle ho diahelo; kamora moo, o tla amohelwa teng.


Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.


Atamelang Modimo, mme o tla le atamela. Baetsadibe, hatlelang, mme lona ba pelo di pedi, hlatswang dipelo tsa lona.


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos