Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 14:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Moprista o tla nka madi a mang a sehlabelo sa molato, o tla a bea lereteng la tsebe e tona ya motho ya itlhatswang, le monwaneng o motona wa letsoho le letona la hae, le monwaneng o motona wa leoto la hae le letona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Moprista o tla nka madi a mang a nyehelo e tlosang molato, mme ka wona a tlotse ntlha ya tsebe ya letsoho le letona ya motho eo ya tlilo hlwekiswa, le monwana o motona wa letsoho la hae le letona, le monwana o motona wa leoto la letsoho le letona.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 14:14
16 Referencias Cruzadas  

o hlabe pheleu, o nke madi, mme ka wona o tlotse ntlha ya tsebe e tona ya Aarone, le dintlha tsa tsebe tse tona tsa bara ba hae, le menwana e metona ya matsoho a bona a matona, le menwana e metona ya maoto a bona a matona; madi a mang o a tshollele aletareng ka nqa tsohle.


Le ya nne le otlwe ho isa kae, haele moo le ntse le eketsa ho ikgantsha? Hlooho yohle e bohloko, pelo yohle e a kula.


Moprista o tla hlahisa sehlabelo sa sebe, e be pheko ya eo e ka kgonang a hlatswehe sesila sa hae; kamora moo, a hlabe nku ya setjheso.


Moprista o tla hlaba konyana ya sehlabelo sa molato, mme o tla nka madi a mang a sehlabelo sa molato, a a bee lereteng la tsebe e tona ya motho ya itlhatswang, le monwaneng o motona wa letsoho la hae le letona, le monwaneng o motona wa leoto le letona la hae.


Ka baka leo, banabeso, ke a le rapela hle ka mehauhelo ya Modimo, hore le ke le o beele mmele ya lona, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se kgahlisang Modimo; ke yona tshebeletso e le tshwanetseng.


Mme hape, le se ke la neela sebe ditho tsa lona ho ba dintho tsa ho sebetsa bokgopo; le mpe le ipee ho Modimo, jwaloka ba phelang ba neng ba shwele, mme le bee ditho tsa lona ho Modimo, e be dintho tsa ho sebetsa ho loka.


Ke bolela ka mokgwa wa batho ka baka la phokolo ya nama ya lona. Ke re: Jwalokaha le ne le beile ditho tsa lona ho ba bahlanka ba ditshila le ba bokgopo ho etsa bokgopo, ka mokgwa oo jwale, beang ditho tsa lona jwalo, di be bahlanka ba ho loka ho isang kgalalelong.


hobane le lopolotswe ka theko. Tlotlisang Modimo ke hona mmeleng ya lona le meyeng ya lona, e leng ya Modimo.


Jwale, baratuwa, ha re ena le dipallo tseo, a re ke re itlhatsweng ditshila tsohle tsa nama le tsa moya, re ntse re phetha kgalalelo ya rona ka ho tshaba Modimo.


Lemoha lefu la lepera, o tle o hlokomele ho etsa tsohle tseo baprista ba Balevi ba tla le ruta tsona. Itiseng, le etse ka tseo ke ba laetseng tsona.


ka tebello e tiyang ya ka, le ka tshepo eo ke nang le yona, ya hoba nke ke ka swabiswa tabeng leha e le nngwe; ke mpa ke tsebisisa hore, esita le jwale le mehleng yohle, Kreste o tla tlotliswa mmeleng wa ka, leha e le ka ho phela ha ka, leha e le ka ho shwa ha ka.


le lona, le ke le hahuwe le le majwe a phelang, ho etsa ntlo ya Moya, le boprista bo halalelang, ho hlahisa mahlabelo a moya, a natefelang Modimo ka Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios