Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 14:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Moprista o tla nka e nngwe ya dikonyana tse tona, eo a tlang ho e hlahisa le loge ya ole, e be sehlabelo sa molato, mme o tla di tsokotsa, e be kabelo e tsokoditsweng pela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Moprista o tla nka e nngwe ya dikonyana tse tona, a nyehele ka yona, e le nyehelo e tlosang molato, hammoho le ole e ka etsang halofo ya lethara; a di akgotse e le nyehelo e akgoletswang Morena.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 14:12
13 Referencias Cruzadas  

O tla nka mafura a pheleu, le mohatla, le mafura a apesang mala, le maapara a hodima sebete, le diphio tse pedi, le mafura a tsona, le letsoho le letona (hobane ke pheleu ya peo),


o di bee kaofela ha tsona diatleng tsa Aarone, le diatleng tsa bara ba hae, mme o di tsokotse pela Jehova, e le seabelo se tsokotswang;


O tla nka sefuba sa pheleu ya peo ya Aarone, mme o tla se tsokotsa pela Jehova, e le seabelo se tsokotswang; etlaba seabo sa hao.


Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla tlisa dikonyana tse pedi tse tona, tse se nang sekodi, le nku e lemo se le seng, e se nang sekodi, le dikarolo tse tharo tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, ho di etsa nyehelo, le loge ya ole e be teng.


Moprista ya etsang hlatsuo, o tla hlahisa motho ya itlhatswang le dintho tseo pela Jehova, monyako wa tente ya pokano.


Moprista o tla hlahisa sehlabelo sa sebe, e be pheko ya eo e ka kgonang a hlatswehe sesila sa hae; kamora moo, a hlabe nku ya setjheso.


Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos