Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 13:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ha mohwete o lethebeng o sweufetse, mme letheba le phobetse ho feta letlalo, ke lepera le hlahileng lebading la ho tjha; moprista o tla bolela motho eo hoba o sesila; ke bohloko ba lepera.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 moprista o tla hlahloba motho eo. Haeba mohwete o sepatlong o sweufetse, mme ho bonahala ho phobetse, hoo ke lefu la lepera, le qalehileng ka ho tjheswa ke mollo. Moprista o tla phatlalatsa hore motho eo o sesila. Ke lefu la lepera.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 13:25
7 Referencias Cruzadas  

Ka baka leo, lepera la Naamane le tla o kgomarela, wena le ditloholo tsa hao kamehla. Yaba o tswa pela hae, e le molepera, a sweufetse a ka lehlwa.


Jehova a eketsa a re ho yena: Ako kenye letsoho la hao sefubeng sa hao. A kenya letsoho la hao sefubeng sa hae; eitse ha a le ntsha, a bona letsoho la hae le le jwaloka lehlwa ke lepera.


Ekare ha motho a ena le lebadi la ho tjha letlalong la mmele wa hae, mme ho hlaha lebading leo letheba le lesweu, kapa le bosweu bo bofubetswana, moprista o tla le tadimisisa.


Empa moprista ha a bona hoba mohwete ha o a ka wa fetoha wa eba mosweu lethebeng, mme le sa ka la phobela ho feta letlalo, le hoba le boetse bosweung, moprista o tla mo kwalla tlung ka matsatsi a supileng.


Empa ha setlapedi se sesweu se sa bonahale hoba se phobetse ho feta letlalo, le mohwete o sa ka wa sweufala, moprista o tla kwalla mobabi tlung ka matsatsi a supileng.


Leru la tloha tenteng; mme hanghang, Miriame ya eba molepera, a ba mosuwana jwaloka lehlwa; Aarone ha a retelehela ho Miriame, a mmona hoba ke molepera.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos