Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 11:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ntho efe le efe eo ditopo tsa tsona di wetseng hodima yona, e tla ba sesila, leha e ka ba ntho efe le efe ya lehong, leha e le seaparo, kapa letlalo, kapa mokotla, kapa ntho efe le efe eo ho sebetswang eng le eng ka yona; e tla inwa metsing, mme e tla ba sesila ho isa mantsiboya, mme kamora moo, e tla ba e hlwekile.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

32 Ntho e nngwe le e nngwe eo di welang hodima yona ha di shwele e tla ba e silafetse; e ka ba sejana se entsweng ka lehong, kapa diaparo, kapa letlalo, kapa mokotla. Ntho e nngwe le e nngwe e sebediswang e tla hlatsuwa ka metsi, empa e tla sala e silafetse ho fihlela ka phirimana, mme kamora moo e tla hlweka.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 11:32
12 Referencias Cruzadas  

Tseo e tla ba ditshila ho lona hara tsohle tse nyekenyehang; e mong le e mong ya tlang ho di ama ha di shwele, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.


Leha e ka ba mang le mang ya keneng ka tlung eo ka matsatsi ao e kwetsweng ka wona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.


Pitsa e nngwe le e nngwe ya letsopa e amilweng ke monna eo, e tla thuhakanngwa; haeba ke morifi wa lehong, o tla hlatsuwa ka metsi.


le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso; moprista a mo etsetse pheko jwalo pela Jehova, ka baka la ho dutla ha hae.


Ya isitseng phooko ya Asasele, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a hlatswe le mmele wa hae metsing, a ntoo kgutlela diahelong.


Mang le mang hara ba tswaletsweng ha habo lona, leha e le moditjhaba, ya tlang ho ja ntho e shweleng, leha e le e harotsweng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya; e ntoo ba ya hlwekileng.


ya amileng ntho tseo, o tla ba sesila ho isa mantsiboya, mme a ke ke a ja dintho tse kgethehileng, empa o tla hlatswa mmele wa hae metsing.


Pitsa ya letsopa e se apehileng e tla bolawa, mme ha se apehilwe pitseng ya koporo, e tla kutlulwa, e ntoo hlatsuwa ka metsi.


Pitsa e nngwe le e nngwe e kwaholotsweng, e se nang sekwahelo se tlamilweng, etlaba ha ea hlweka.


Moprista o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlatswa mmele wa hae metsing, a ntoo boela diahelong; empa e tla ba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


e seng ka mesebetsi e lokileng e entsweng ke rona, empa e bile ka lereko la wona, ka hlatsuo ya ho tswalwa la bobedi, le ka ntjhafatso ya Moya o Halalelang,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos