Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 11:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Tseo e tla ba ditshila ho lona hara tsohle tse nyekenyehang; e mong le e mong ya tlang ho di ama ha di shwele, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

31 Hara diphoofolo tsohle tse tsamayang, tsena ho lona ha di a hlweka. Mang kapa mang ya di amang ha di shwele o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 11:31
11 Referencias Cruzadas  

Jwale Modimo wa re: Metsi ha a hlahise ka bongata dibopuwa tse nyekenyehang, tse phelang, mme tse rurang ha di rure hodima lefatshe, sebakeng sa mahodimo.


le hlong, le sehoho, le lekgala, le kgofu, le lenwabo.


Ntho efe le efe eo ditopo tsa tsona di wetseng hodima yona, e tla ba sesila, leha e ka ba ntho efe le efe ya lehong, leha e le seaparo, kapa letlalo, kapa mokotla, kapa ntho efe le efe eo ho sebetswang eng le eng ka yona; e tla inwa metsing, mme e tla ba sesila ho isa mantsiboya, mme kamora moo, e tla ba e hlwekile.


Le se ke la ja nama ya tsona, leha e le ho ama ditopo tse shweleng tsa tsona; di tla ba ditshila ho lona.


Leha e ka ba mang le mang ya keneng ka tlung eo ka matsatsi ao e kwetsweng ka wona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.


le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso; moprista a mo etsetse pheko jwalo pela Jehova, ka baka la ho dutla ha hae.


Ya isitseng phooko ya Asasele, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a hlatswe le mmele wa hae metsing, a ntoo kgutlela diahelong.


Mang le mang hara ba tswaletsweng ha habo lona, leha e le moditjhaba, ya tlang ho ja ntho e shweleng, leha e le e harotsweng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya; e ntoo ba ya hlwekileng.


ya amileng ntho tseo, o tla ba sesila ho isa mantsiboya, mme a ke ke a ja dintho tse kgethehileng, empa o tla hlatswa mmele wa hae metsing.


Moprista o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlatswa mmele wa hae metsing, a ntoo boela diahelong; empa e tla ba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos