Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 11:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Haele diphoofotswanyana tse nyekenyehang lefatsheng, tseo le tla di tadima hore di ditshila, ke kgwiti, le tweba, le bommampharwane ka mefuta ya bona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

29 “ ‘Hara diphoofolo tse tsamayang hodima lefatshe, ho lona tsena ha di a hlweka: sele, le tweba, le bommampharwane ka mefuta ya bona;

Ver Capítulo Copiar




Levitike 11:29
19 Referencias Cruzadas  

Jwale Modimo wa re: Metsi ha a hlahise ka bongata dibopuwa tse nyekenyehang, tse phelang, mme tse rurang ha di rure hodima lefatshe, sebakeng sa mahodimo.


hobane molotsana o ithorisa ka takatso ya pelo ya hae, mme leshodu le rohaka, le nyedisa Jehova.


ke mokgodutswane o itshwarellang ka matsoho, mme o ikenela le matlung a marena.


Haele ba ba ikgethelang medimo, ba itlhatswang lirapeng, e mong kamora e mong, ba jang nama ya kolobe, le dijo tse manyala, le ditweba, ba tla timela hammoho, ho bolela Jehova.


Ya tlang ho jara ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla ba sesila ho isa mantsiboya. Di tla ba sesila ho lona.


le hlong, le sehoho, le lekgala, le kgofu, le lenwabo.


Hobane Jehova wa makgotla o bolela, o re: Ke sa tla sisinya hang, haufinyane, lehodimo le lefatshe, lewatle le moo ho omileng.


A eketsa a re ho bona: Iponeleng, le ipoloke bakeng sa takatso ya leruo; hobane bophelo ba motho bo ke ke ba tswa bongateng ba dintho tseo a di ruileng, leha di mo atetse haholo.


Bafarisi bao e leng ba ratang tjhelete haholo, le bona ba utlwa taba tseo kaofela; mme ba mo soma.


Jesu a ba araba, a re: Kannetenete ke re ho lona: Le a mpatla, e seng kahobane le bone mehlolo, empa e le kahobane le jele mahobe, la ba la kgora.


Haesale mohlang oo, barutuwa ba bangata ba hae ba kgutlela morao, ba se ke ba hlola ba tsamaya le yena.


hore re se hlole re eba bana, ba jwaloka mahohodi, ba fetohelang moyeng o mong le o mong wa thuto e ntjha, ka thetso ya batho, le ka mano a bona a ho kgelosa ka bohata;


bao qetello ya bona e leng timelo, bao modimo wa bona e leng mpa, ba itlotlisang ka dihlong tsa bona, ba hopotseng dintho tsa lefatshe feela.


Le bolaye ke hona ditho tsa lona tse leng lefatsheng, ke ho re, bofebe, le ditshila, le maikutlo a mabe, le ditakatso tse mpe, le takatso ya moruo, e leng ho sebeletsa modimo wa bohata.


Ketso tsa lona di hloke takatso ya ho rua; le kgolwe ke tseo le nang le tsona; hobane Modimo ka sebele o itse: Nke ke ka o tlohela, nke ke ka o lahla.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos