Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 11:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Tsohle tse maoto a mane, tse tsamayang ka maro a tsona, di tla ba sesila ho lona; e mong le e mong ya amang ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Hara diphoofolo tsohle tse maoto a mane, tse hatang ka maro, ho lona ha di a hlweka, mme ya di amang o tla sala a silafetse ho fihlela ka phirimana.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 11:27
10 Referencias Cruzadas  

Diphoofotswanyana tsohle tse rurang, tse tsamayang ka maoto a mane, e tla ba manyala ho lona.


Empa diphoofotswanyana tse ding tse rurang kaofela, tse maoto a mane, e tla ba manyala ho lona, di tla ba ditshila ho lona.


Phoofolo tsohle tse tlhako tse arohaneng, tseo dikgola tsa tsona di seng pedi, tse sa busoloseng, di tla ba ditshila ho lona; e mong le e mong ya di amang, o tla ba sesila.


Ya tlang ho jara ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla ba sesila ho isa mantsiboya. Di tla ba sesila ho lona.


Leha e ka ba mang le mang ya keneng ka tlung eo ka matsatsi ao e kwetsweng ka wona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.


le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso; moprista a mo etsetse pheko jwalo pela Jehova, ka baka la ho dutla ha hae.


Ya isitseng phooko ya Asasele, o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme a hlatswe le mmele wa hae metsing, a ntoo kgutlela diahelong.


Mang le mang hara ba tswaletsweng ha habo lona, leha e le moditjhaba, ya tlang ho ja ntho e shweleng, leha e le e harotsweng, o tla hlatswa diaparo tsa hae, a itlhatswe metsing, a be sesila ho isa mantsiboya; e ntoo ba ya hlwekileng.


ya amileng ntho tseo, o tla ba sesila ho isa mantsiboya, mme a ke ke a ja dintho tse kgethehileng, empa o tla hlatswa mmele wa hae metsing.


Moprista o tla hlatswa diaparo tsa hae, mme o tla hlatswa mmele wa hae metsing, a ntoo boela diahelong; empa e tla ba ya sa hlwekang ho fihlela mantsiboya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos