Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Levitike 11:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Diphoofotswanyana tsohle tse rurang, tse tsamayang ka maoto a mane, e tla ba manyala ho lona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 “ ‘Dikokwanyana tsohle tse fofang, tse tsamayang ka maoto a mane, ho lona ke manyala.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 11:20
14 Referencias Cruzadas  

ka letsoho la hao, Jehova, o mpoloke ho batho, ho batho ba lefatshe lena! Ba na le kabelo ya bona bophelong bona, o tlatsitse dimpa tsa bona ka maruo a hao; bara ba bona ba kgora, mme ba siela ditloholo tsa bona ho salang.


mokotatsie, masianoke, ka mefuta ya tsona, le lehehemu, le mmankgane.


Diphoofotswanyana tse rurang, tse tsamayang ka maoto a mane, tseo le ka di jang, ke tsona feela tse nang le menoto maotong a tsona ya ho qotoma hodima lefatshe.


Empa diphoofotswanyana tse ding tse rurang kaofela, tse maoto a mane, e tla ba manyala ho lona, di tla ba ditshila ho lona.


Tsohle tse maoto a mane, tse tsamayang ka maro a tsona, di tla ba sesila ho lona; e mong le e mong ya amang ditopo tse shweleng tsa tsona, o tla ba sesila ho isa mantsiboya.


Ha ho motho ya ka tsebang ho sebeletsa marena a mabedi: hobane kapa o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ka sitwa ho sebeletsa Modimo le Mamona.


Empa Petrose a re: Ho se be jwalo, Morena; hobane ha ke eso ho je ntho e ditshila, leha e le e sa hlwekang.


Le dikokwanyana tsohle tse rurang, e be tse ditshila ho lona; di se ke tsa jewa.


hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Kresense o ile Galatia, Tite Dalmatia.


Empa bao ba nyefola tsohle tseo ba sa di tsebeng; mme esita ho tsohle tseo ba di tsebang ka tsebo ya hlaho, jwaloka diphoofolo tse se nang kelello, ba itshenya ho tsona.


Ke ba ikarolang ho rona, ba nang le bophelo ba nama feela, ba se nang Moya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos