34 O ke o tlose thupa ya wona ho nna, mme matsoso a wona a lese ho nthotofatsa.
34 thupa Modimo e ke e shape fatshe, kgalefo ya hae e se ke ya ntshosa;
Boholo ba wona bo tla le tshosa, letsoso la wona le le tshware.
Ke ka baka leo ke thothomelang pela wona; ha ke hopola, ke o tshohe hampe.
Hobane teng, ditefetso tsa Modimo di ne di tla ntshosa, ke ne ke tla sitwa ho ema pela bophahamo ba wona.
Ha ho le jwalo, o se ke wa tshoswa ke letsoso la ka, matla a ka a se ke a o imela!
Pelo ya ka e tshohile ke hona, e sisimoloha tulong tsa yona!
O suthise dikotlo tsa hao ho nna; ke fela katlasa kgalemelo ya letsoho la hao.
Ha o laya motho ka ditlokotsi bakeng sa molato wa hae, o senya botle ba hae, jwaloka hoja e le ntho e jewang ke tshwele; ruri, motho ka mong ke mofehelo feela. (Sela.)
ke tla otla ditlolo tsa bona ka thupa, le bokgopo ba bona ka phafa;
Matla a bohale ba hao le botshabeho ba kgalefo ya hao ke mang ya di elang hloko?