Saule le Jonathane ba ne ba rateha, ba kgahleha ho pheleng ha bona; le ho shweng ha bona ha ba ka ba kgaohanngwa; ba ne ba le lebelo ho feta dintsu, ba le matla ho feta ditau.
le romang manqosa lewatleng ka dikepe tsa moseme hodima metsi! Eyang, bahlanka ba lebelo, setjhabeng se boemo bo bolelele, se letlalo le boreledi, setjhaba se tshajwang hole, setjhaba se laolang ka matla, se hatakelang hohle, seo dinoka di kgaolang naha ya sona.
Bonang, mosenyi o nyoloha jwaloka maru, makoloi a hae a jwaloka sefefo, dipere tsa hae di feta dintsu ka lebelo. Ho madimabe rona, hobane re a tubakanngwa.
Dipere tsa sona di bobebo ho fetisa mangau, di lebelo ho fetisa diphiri tsa phirimana; bapalami ba sona ba feta ba kgemisitse. Bapalami ba sona ba tswa hole; ba fofa jwaloka ntsu e itlhahanelang ho jeng ha jona.
Jehova o tla lata setjhaba se hole se qetellong ya lefatshe, se lebelo jwaloka ntsu e fofang, ho tla o lwantsha, setjhaba seo o ke keng wa utlwa puo ya sona,