Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 9:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Matsatsi a ka a ikela kapele ho fetisa ya lebelo; a baleha a eso ho bone leseho:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

25 “Tshiu tsa ka di lebelo ho feta semathi, di baleha di eso bone molemo;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 9:25
10 Referencias Cruzadas  

Yaba dititimi di ya le naha yohle ya Iseraele le Juda, di ena le mangolo a tswang ho morena le ho mahosana a hae; taelo ya morena e ne e re: Bana ba Iseraele, kgutlelang ho Jehova, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Iseraele, hore le yena a kgutlele ho lona, masala a phonyohileng matsohong a marena a Assiria.


Dititimi tse kaletseng tse mathang e leng dimulete, tsa phakisa tsa tloha di akofisitswe ke taelo ya morena. Le Susane, motse wa moreneng, taelo eo ya laelwa.


Motho ya tswetsweng ke mosadi o na le matsatsi a se makae, mme o kgotshe ditsietsi.


Ha o laya motho ka ditlokotsi bakeng sa molato wa hae, o senya botle ba hae, jwaloka hoja e le ntho e jewang ke tshwele; ruri, motho ka mong ke mofehelo feela. (Sela.)


Bona, o lekanyeditse ditshiu tsa ka di be jwaloka boahlamo ba seatla; ditshiu tsa ho phela ha ka di jwaloka ntho e leng siyo pela hao; ruri, motho e mong le e mong ya leng teng ke mofehelo feela. (Sela.)


Ba bangata ba re: Re tla fumantshwa lehlohonolo ke mang? Jehova, ako re tjhabisetse lesedi la sefahleho sa hao!


Hopola hore bophelo ba ka bo bokgutshwanyane, le hore bana bohle ba batho o ba bopetse lefeela!


athe ha le tsebe se tla hlaha hosasane. Hobane bophelo ba lona ke eng? Ke mohodi feela o bonahalang ka motsotso o se okae, o ntoo nyamela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos