Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 9:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Hoja lerumo le ka hla la bolaya hang! Empa o tsheha bohloko ba ya se nang molato.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Ha kotlo e bolaya ka ho tsometsa, O tla tsheha ha ba otlwa ba se molato.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 9:23
12 Referencias Cruzadas  

Yaba Abrahama o wa ka sefahleho, a tsheha, mme a re ka pelong ya hae: Na monna ya dilemo tse lekgolo a ka bona ngwana, le Sara ya dilemo tse mashome a robileng mono o le mong, hleka a ka beleha na?


Ke tlile jwale ho bolella morena, monga ka, taba ena, hobane batho ba ntshabisitse. Ke ka baka lena, ke le lekgabunyane la hao, ke itseng, ke tla bolella morena; mohlomong, morena a ka etsa ka polelo ya lekgabunyane la hae.


Lekgabunyane la hao le itse: Lentswe la morena, monga ka, e be le tshedisang; hobane morena, monga ka, o jwaloka lengeloi la Modimo, ho lemoha botle le bobe. Jehova, Modimo wa hao, a ke a be le wena.


Yaba Satane o tloha pela Jehova, mme a otla Jobo ka mathopa a bohale, ho nka bohatong ba maoto ho isa hara hlooho.


Dipobodi tsa ba tshwang di utlwahala metseng, meya ya ba hlabilweng e ntsha mehoweletso; leha ho le jwalo, Modimo ha o ele manyala ao hloko.


Ako elellwe: motho ke ofe ya timetseng, ha a se na molato? Ho lahlehile kae batho ba lokileng?


Bona, Modimo ha o kgese ya se nang molato, empa o ke ke wa sireletsa baetsadibe.


Empa feela, re bolawa ka baka la hao ka matsatsi wohle, re lekantswe le dinku tse hlajwang.


Le lekilwe; mme ho nang, leha lere le nyedisang le se le le siyo? ho bolela Morena Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos