Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 6:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Nthuteng, ke tla kgutsa; le ntlhalosetse moo ke fositseng teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 “Nthuteng, ke tla mamela ke didimetse, le ntlhalosetse na phoso ya ka e kae.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 6:24
17 Referencias Cruzadas  

Ke tla re ho Modimo: O se ke wa ntswa, o mpe o mpolelle seo o se tsekang ho nna!


Makgopo a ka le dibe tsa ka di kae na? O ntsebise tshito ya ka le molato wa ka.


Bonang, ke ne ke ntse ke lebeletse qetello ya dipolelo tsa lona, ke ne ke sekehela diphetoho tsa lona ditsebe, ha le ntse le nahana seo le tla se bua.


Empa wena, Jobo, mamela dipolelo tsa ka, o sekehele mantswe a ka kaofela tsebe!


o mpontshe seo ke sa se boneng; ha ekaba ke entse bokgopo, ha ke sa tla hlola ke etsa jwalo!


Bona, ke tseo re di botsisitseng; di dutse jwalo; o di mamele, o di ele sedi.


le be le nnamolele letsohong la sera, le ntopolle letsohong la batubi na?


Puo tsa nnete di matla hakakang! Empa dikgalemelo tsa lona di kgalemela eng na?


Ke mang ya ka lemohang diphoso tsa hae kaofela? O ntshwarele tse nkgakileng!


Ke tla o ruta, ke o bontshe tsela eo o tshwanetseng ho ya ka yona; ke tla o lemosa ke ntse ke o tadimile ka mahlo.


Monyatsi ya hlalefileng, ditsebeng tsa motho ya utlwang, o jwaloka lesale la kgauta, le lepetu la kgauta e hlwekileng.


Ruta ya nang le kelello, o tla eketsa ho hlalefa. O rute ya lokileng, o tla ekelletswa tsebo.


Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;


Hobane bohle re kgoptjwa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa kgoptjwe dipuong, eo ke monna ya phethehileng, ya ka tsebang ho busa le mmele kaofela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos