19 Makaba a Thema a a batla, dihlopha tsa baeti ba Seba di bea tshepo ya tsona teng.
19 Baeti ba tswang Tema ba batla metsi, bahwebi ba Sheba ba batla ka letshepa;
Bara ba Kushe ke Saba, le Havila, le Sabta, le Raema, le Sabteka. Bara ba Raema ke Seba, le Dedane.
le Hadade, le Thema, le Jethure, le Nafishe, le Kedma.
Jokshane a tswala Seba le Dedane; bara ba Dedane ya eba Baashurime, le Baletushime, le Baleummime.
Mofumahadi wa Sheba a re a sa utlwa botumo ba Salomone bo hlahileng ka lebitso la Jehova, a tla ho mo leka ka dilotho.
yaba Basabea ba di wela hodimo, ba di hapa, ba bolaya le badisa ka lerumo; ke phonyohile ke nnotshi ho tla o behela.
Metswalle ya Jobo e meraro ya utlwa kotsi yohle eo a wetsweng ke yona, e le Elifase wa Themane, le Bildade wa Shua, le Tsofare wa Naama; ba tloha ha habo bona, mme ba kopanya dipuo ho tla hammoho ho utlwela Jobo bohloko le ho mo tshedisa.
Metjha ya ho matha ha wona e a dikadika; a fetoha mowane, a fela.
marena a Tarshishe le a dihlekehleke a tla ntsha dineo, marena a Seba le a Saba a tlise dinyehelo.
Isang metsi ho ba nyorilweng! Ba ahileng Thema ba nke dijo ho ya kgahlanyetsa ka tsona ba balehang.
le Dedane, le Thema, le Buse, le ba beolang hlafunelo;