Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 5:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Kahona o tla bona hoba tente ya hao e dutse ka kgotso, mme leha o ka lekola moaho wa hao, o ke ke wa hloka letho.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 O tla bona lapa la hao le phela ka kgotso, o fumane tsohle tsa hao di ntse di feletse.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 5:24
15 Referencias Cruzadas  

Ha ho le a mong wa bahabo ya dulang tenteng ya hae; sebabole se tsholla jwaloka pula hodima moaho wa hae.


Meaho ya molotsana e jwalo feela, ho jwalo le bodulo ba ya sa tsebeng Modimo.


Lesedi le tla fetoha lefifi tenteng ya hae, lebone la hae le hodima hae le tla tingwa.


ha o hlwekile, o lokile, kannete o tla o ela hloko, a hlohonolofatse ntlo ya hao e lokileng.


Ba nnile ba solla feelleng, nahathothe, ba sa fumane motse wa ho aha;


A tshollela nyediso ho marena, a a sollisa lefeelleng le sa nang tsela;


Menono e ka tlung ya hae le maruo; ho loka ha hae ho hlola ka ho sa feleng.


Moya wa hae o tla iketla lehlohonolong, ditloholo tsa hae di tla rua lefatshe.


Ka baka leo, tlokotsi e ke ke ya fihla ho wena, kotsi e ke ke ya atamela tente ya hao;


Tsamaya, o phuthe baholo ba Iseraele, o re ho bona: Jehova, Modimo wa bontata lona, Modimo wa Abrahama, wa Isaaka le wa Jakobo, o iponahaditse ho nna, wa re: Ho le lekola, ke le lekotse; ke bone seo le se etswang Egepeta;


O tla hlohonolofatswa ho keneng ha hao, o hlohonolofatswe le ho tsweng ha hao.


Eitse ha Davida le banna ba hae ba fihla hae motseng, ba o fihlela o tjhesitswe, le basadi ba bona le bara ba bona le baradi ba bona ba isitswe kgolehong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos