Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 41:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke mang ya ka bulang menyako ya ditlena tsa yona? Mela ya meno a yona e a tshabeha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ya ka itetang sefuba ho e ahlamisa mehlaare ke mang? Meno a yona a dikwetsepe a a tshabeha!

Ver Capítulo Copiar




Jobo 41:14
8 Referencias Cruzadas  

ka ba ka le beela meedi ya lona, ka tiisa mekwallo le menyako ya lona,


Ke mang ya ka karapang makgapetla a yona? Ke mang ya ka kenang hara mehlahare ya yona?


Mokokotlo wa yona o apesitswe ka thebe ya dikgetla tse tiisitsweng hammoho.


Moya wa ka o hara ditau, ke robala hara batho ba phutsalatsang malakabe a mollo, hara batho bao meno a bona e leng marumo le metsu; le maleme a bona ke matlele a bohale.


Modimo, o ba robe meno melomong ya bona! Jehova, pshatla mehlahare ya ditau!


Moloko o teng o meno a kang marumo, o meno a mohlahare a kang dithipa, ho ja bahlomohi, ho ba fedisa lefatsheng, ho fedisa le bafumanehi bathong.


le mamati a menyako a tla kwalwa ka nqa kantle; mohla modumo wa lelwala o tla fokola, mohla ho tla tsohuwa ha ho lla dinonyana, mohla ho tla kgathala dikgeleke kaofela;


Kamora moo, ha ke tadima diponong tsa ka tsa bosiu, ka bona sebatana sa bone se tshabehang, se bohale, se fetisang ka matla, se ena le meno a maholo a tshepe, se rusolla, se bjabjaretsa, se hatakela ho siilweng ka maoto a sona; se ne se le hosele ho dibatana tsohle tse se eteletseng pele; se ne se na le manaka a leshome.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos