2 Utlwang! utlwang ho duma ha lentswe la wona, le modumo o tswang molomong wa wona!
2 Mamedisa ho thwathwaretsa ha ntswe la Modimo, o mamele modumo o tswang molomong wa hae.
Jehova a duma lehodimong, Mookamedi ya phahameng a utlwahatsa lentswe la hae.
mohla o beelang pula melao, o bontshang tladi e dumang tsela ya yona;
Ke mang ya utlwisisang ho otlana ha maru, le modumo oo tente ya wona e dumang ka wona?
Modumo wa wona o a o utlwahatsa, esita le diphoofolo di a o utlwa, ha o atamela.
Pelo ya ka e tshohile ke hona, e sisimoloha tulong tsa yona!
Mme hanghang, lentswe la wona le a duma, o duma ka lentswe la boholo ba wona; ha o ke o thiba mahadima, ha lentswe la wona le utlwahala.
Modimo o duma ka lentswe le tshabehang, o etsa dintho tse kgolo tseo re sitwang ho di utlwisisa.
Yaba Jehova o fetola Jobo a le sefefong, a re:
A o na le letsoho le kang la Modimo? Lentswe la hao na le ka duma jwaloka la wona na?
eitse ha o kgalemela, a baleha; ha a utlwa lentswe la diaduma tsa hao, a phakisa a itshuthisa;
Ha a phahamisa lentswe, modumo wa metsi o ye o be teng mahodimong; o nyolosa mehodi dipheletsong tsa lefatshe; ka lehadima o nesa pula, o ntsha moya matlotlong a hae.