Ka tsatsi la boraro, ha bo esa, diaduma tsa eba teng, le mahadima, mme leru le letenya la eba hodima thaba, le modumo wa terompeta o matla ka ho fetisisa; mme setjhaba kaofela se neng se le diahelong sa thothomela.
Hleka le ke ke la ntshaba na, ho bolela Jehova? Na le ke ke la thothomela pela ka na, nna ke entseng lehlabathe moedi wa lewatle, e leng moedi o sa feleng, oo le se nang ho o tlola na? Maqhubu a lona a tsokotseha, a mpa a se na matla, a dumaduma, a mpa a sa tlole.
Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.
Mme hang tshisinyeho e kgolo ya lefatshe ya eba teng, metheo ya teronko ya ba ya sisinyeha; hanghang menyako kaofela ya bulwa, mme mahlaahlela a bohle a lokoloha.