Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 36:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ako mpehele pelo hanyenyane, ke tle ke o lemose, hobane ke sa na le seo nka buellang Modimo ka sona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Bea butle ho se hokae, nke ke o bontshe: Polelo tse emelang Modimo di sa le teng.

Ver Capítulo Copiar




Jobo 36:2
11 Referencias Cruzadas  

Nteseng, ke bue, mme ha ke se ke buile, o ntoo tseba ho soma!


Bona, ke ntse ke tshwana le wena pela Modimo; le nna ke bopilwe ka letsopa.


Elihu a boela a ntshetsa ditaba pele, a re:


Ke tla lata tsebo ya ka hole, ke tle ke bontshe ho loka ha Mmopi wa ka.


E tla ba yena mmueli wa hao ho setjhaba, e be yena molomo wa hao, mme wena o be bakeng sa Modimo ho yena.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova: Ha o boela ho nna, ke sa tla be ke o kgutlise, o tle o eme pela ka; ha o kgetha se leng setle ho se leng sebe, o sa tla ba jwaloka molomo wa ka. Bona ba tla boela ho wena, empa wena, o se ke wa boela ho bona.


O mpe o ba bolelle mantswe a ka, leha ba ka mamela, leha ho se jwalo, etswe e le bahanyetsi.


Re manqosa a Kreste ke hona, mme ho ka thwe, ke Modimo o le kgothatsang ka rona; re a le rapela, bakeng sa Kreste, re re: Boelanang le Modimo!


Ke a le rapela, banabeso, hore le ke le amohele polelo tseo tsa kgothatso; hobane ke le ngoletse hakgutswanyane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos