Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Jobo 34:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 ya dulang mokgatlong wa ba babe, ya tsamayang le bakgopo?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 yena o tsamaya mokgatlong wa baetsadibe, ba kgopo o tsamaisana tsela le bona;

Ver Capítulo Copiar




Jobo 34:8
14 Referencias Cruzadas  

Na taba tsa hao tsa lefeela di tla kgutsisa banna na? Na o tla nne o some, ho se ya o hlabisang dihlong?


Hobane bokgopo ba hao bo disa molomo wa hao, leha o nkile puo ya diqweleqwele;


Jobo a re ho yena: O bua jwaloka lewatla ha le bua. Na re tla amohela tse molemo letsohong la Modimo, re se ke ra amohela tse mpe na? Tabeng tseo kaofela, Jobo ha a ka a etsa sebe ka molomo wa hae.


Na o rata ho nka tsela ya kgale e hatilweng ke ba babe na?


Hobane o itse: Motho ha a rue letho, leha a thabetse Modimo.


Ho lehlohonolo motho ya sa lateleng keletso ya bakgopo, ya sa emeng tseleng ya baetsadibe, ya sa duleng mokgatlong wa basomi;


Ha ke dule le batho ba ratang leshano, ha ke etelane le baikaketsi.


Ha o bona leshodu, o titimela ho lona, o tlwaelane le bafebi.


Mora ka, o se ke wa ya ka tsela ya bona, o fapose leoto la hao mmileng wa bona.


Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.


ho o phemisa tsela ya bobe, ho o kelosa ho bao ba buang tse kgopo,


O se ke wa kena tseleng ya ba bolotsana, o se ke wa hata le mmileng wa bakgopo.


Le se ke la lahleha: ditlwaelano tse mpe di bodisa mekgwa e metle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos